Daniele 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 Haele Daniele, a phakisa a feta mahosana a mang le marenana a mang, hobane a ne a na le moya o phahamileng, mme morena a hopola ho mmea hodima mmuso kaofela. Ver CapítuloBIBELE3 Daniele a ikgetha hara baokamedi le mahosana, hobane moya wa bohlale o ne o le ka ho yena. Kahoo kgosi ya rera ho mo etsa mookamedi wa puso yohle. Ver Capítulo |
hobane moya o phahamileng, le tsebo, le kutlwisiso ya kwahollo ya ditoro, le qaqisetso ya dilotho, le hlalosetso ya dipotso tse thata, di nnile tsa fumanwa ho yena, e leng Daniele, eo morena a neng a fetole lebitso la hae ka la Beltsatsare; ha ho le jwalo, Daniele a ke a latwe, mme o tla o nea kwahollo.
Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.