Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.
Mattheu 21:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo. BIBELE Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo. Baasraak Sotho NT Yare ha baprista ba baholo le bangodi ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida! ba ne ba hloname haholo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha baprista ba baholo le bangodi ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida! ba ne ba hloname haholo; |
Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.
Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang?
Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!
Mohlang oo, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa.
Jwale, baprista ba baholo le baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba bohata bo ka qosang Jesu, hore ba tle ba mmolaye.
Empa baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa bongata hore ba kope Barabase, Jesu yena a bolawe.
Jesu ha a tloha moo, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, o re utlwele bohloko.
Bangodi le baprista ba baholo ha ba utlwa a rialo, ba batla kamoo ba ka mo timetsang kateng; hobane ba ne ba mo tshaba, kahobane setjhaba sohle se ne se tsota thuto ya hae.
Mohlang oo, ka tsatsi le leng, ha a ntse a ruta batho tempeleng, a ba bolella Evangeli, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba ba tla,
Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla kamoo ba ka bolayang Jesu kateng; hobane ba ne ba tshaba setjhaba.
Eitse hobane bo se, baholo ba setjhaba, le baprista ba baholo, le bangodi, ba bokana, mme ba mo isa lekgotleng la bona.
Mme baprista ba baholo le bafarisi ba ne ba entse molao wa hore, ekare ha motho a tseba moo a leng teng, e ka kgona a mmolele, ba tle ba mo tshware.
Bafarisi ba bolellana ke hona, ba re: Lemohang hobane ha le thuse letho; bonang, lefatshe lohle le mo setse morao.
Eitse ha Morena a tseba hobane bafarisi ba utlwile ha ho thwe: Jesu o fetisa Johanne ka ho etsa barutuwa le ka ho kolobetsa, —
Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na?