Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:15 - BIBELE

15 Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Yare ha baprista ba baholo le bangodi ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida! ba ne ba hloname haholo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Yare ha baprista ba baholo le bangodi ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida! ba ne ba hloname haholo;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:15
20 Referencias Cruzadas  

Tsoho la hao le phahamisitswe, Morena, empa batho bana bona ha ba le bone; ako ba bontshe ha o tjhesehela tjhaba sa hao, ba bone, mme dihlong di ba aparele, mollo o tjhesang dira tsa hao o ba timetse.


Ha barutuwa ba hae ba leshome ba utlwa hoo, ba halefela bara bao ba babedi.


Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?”


Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”


“Le reng ka Kreste? Ke mora wa mang?” Ba re ho yena: “Wa Davida.”


Jwale baprista ba baholo le setjhaba ba phuthehela ha Moprista e Moholo ya bitswang Kaiafa,


Baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba leshano bo ka tswang Jesu hore ba tle ba mmolaye,


E sa le kameso, baprista le baholo bohle ba setjhaba ba rera ho bolaya Jesu.


Empa baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa letshwele hore le kope Barabase, Jesu yena a bolawe.


Ha Jesu a fetela pele, difofu tse pedi tsa mo latela, di ntse di howa, di re: “Mora Davida, re hauhele!”


Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba utlwa hona, ba batla hore na ba ka mo timetsa jwang. Ba ne ba mo tshaba, kaha letshwele lohle le ne le hlollwa ke thuto ya hae.


Ka le leng la matsatsi ao, Jesu o ne a ruta batho ka Tempeleng, a ba bolella molaetsa o molemo. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao le baholo ba tla ho yena,


Kaha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba tshaba batho, ba batla leqheka la ho bolaya Jesu.


Ha bo sele, lekgotla la baholo ba setjhaba la phutheha, le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao. Ba tlisa Jesu kgotleng la bona,


Baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba laetse hore ha e mong a ka tseba moo a leng teng, a bolele, ba tle ba mo tshware.


Jwale Bafarisi ba buisana, ba re: “Na le a bona hore ha le thuse letho? Bonang, lefatshe lohle le mo setse morao!”


Jesu a tseba hore Bafarisi ba utlwile hore o a hapa, mme o kolobetsa barutuwa ba bangata ho feta Johanne.


Na Mangolo ha a bolele hore Kreste o tla tswa lelokong la Davida, motsaneng wa Betlelehema, moo Davida a neng a ahile teng?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos