Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 22:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla kamoo ba ka bolayang Jesu kateng; hobane ba ne ba tshaba setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Kaha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba tshaba batho, ba batla leqheka la ho bolaya Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla kamoo ba ka mmolayang kateng; hobane ba ne ba tshaba setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla kamoo ba ka mmolayang kateng; hobane ba ne ba tshaba setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Luka 22:2
12 Referencias Cruzadas  

Bafarisi ha ba tswile, ba mo rera, kamoo ba ka mmolayang kateng.


Empa balemi, ha ba bona mora hae, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, re tle re inkele lefa la hae.


Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.


Matsatsi a ne a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka le mahobe a se nang ditomoso. Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.


Baprista ba baholo le bangodi ba batla ho isa matsoho ho yena ka yona nako eo, empa ba tshaba batho; hobane efela ba ne ba tsebile hoba o lekantse bona ka setshwantsho seo.


Mme baprista ba baholo le bafarisi ba ne ba entse molao wa hore, ekare ha motho a tseba moo a leng teng, e ka kgona a mmolele, ba tle ba mo tshware.


Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos