Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 9:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Jesu ha a tloha moo, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, o re utlwele bohloko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Ha Jesu a fetela pele, difofu tse pedi tsa mo latela, di ntse di howa, di re: “Mora Davida, re hauhele!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Eitse ha Jesu a tloha teng, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, re utlwele bohloko!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Eitse ha Jesu a tloha teng, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, re utlwele bohloko!

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 9:27
24 Referencias Cruzadas  

Buka ya leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Abrahama.


Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.


Teng ha hlaha mosadi wa Mokanana, ya tswang mathokong ao, a howa, a re: Nkutlwele bohloko, Morena, mora Davida! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke motemona.


a re: Morena, utlwela mora ka bohloko; hobane o jewa ke sethwathwa, mme o kula hampe; hobane hangata o wela mollong, mme hangata a wele metsing.


Eitse ha ba etswa Jeriko, bongata bo boholo ba latela Jesu.


Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo.


Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!


Eitse ha a kena tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: Na le a dumela hore nka tseba ho etsa hoo na? Tsa re ho yena: E, Morena.


Ho rokwe mmuso wa ntata rona Davida, o tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!


mme o mo lahletse hangata mollong le metsing, o tle o mo timetse. Empa ha o ka tseba ho thusa, re utlwele bohloko, mme o re thuse.


Ba phahamisa mantswe, ba re: Jesu, Monghadi, re hauhele.


Empa a ba bolella, a re: Ho thwe, Kreste ke mora wa Davida jwang,


Ka yona nako eo, Jesu o ne a fodisa ba bangata malwetse, le mafu a bona, le meya e mebe, mme ba bangata ba neng ba foufetse o ne a ba sitsa ka pono.


Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na?


ha o lekanya Mora wa wona, Jesu Kreste, Morena wa rona, ya tswileng lelokong la Davida ka nama;


bona bao bontate e leng ba bona, bona bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, yena ya leng kahodima dintho tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos