Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yare kameso, baprista bohle ba baholo le baholo ba setjhaba ba rera Jesu ho mmolaya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 E sa le kameso, baprista le baholo bohle ba setjhaba ba rera ho bolaya Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Eitse ha bo esa, baprista bohle ba baholo le baholo ba setjhaba ba rera Jesu hore ba mmolaye.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse ha bo esa, baprista bohle ba baholo le baholo ba setjhaba ba rera Jesu hore ba mmolaye.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:1
16 Referencias Cruzadas  

Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?


hobane ke utlwa ditshebo tse wewetswang ke bongata; tshoho e ntlela kahohle, ha ba botsana hammoho bakeng sa ka, ba rera ho tlosa bophelo ba ka.


Hobane dira tsa ka di ntsheba ka dipelo tsa tsona,


Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.


E sa le hosasa, baprista ba baholo ba etsa morero le baholo, le bangodi, le lekgotla kaofela. Eitse hobane ba tlame Jesu, ba ya le yena, mme ba mo neela Pilato.


Mehleng yona eo, ba bang ba ne ba le teng ba mo phetelang tsa Bagalelea bano, bao madi a bona a neng a kopantswe ke Pilato le mahlabelo a bona.


Eitse hobane bo se, baholo ba setjhaba, le baprista ba baholo, le bangodi, ba bokana, mme ba mo isa lekgotleng la bona.


Jwale, ba tloha ho Kaiafa; ba isa Jesu kgotla; e ne e le kameso; empa bona ha ba ka ba kena kgotla ka sebele sa bona, hore ba tle ba se ke ba itshilafatsa, ba tle ba tsebe ho ja Paseka.


Yare ha ba utlwa tseo, ba kena tempeleng ha bo esa, ba ruta. Empa moprista e moholo le ba nang le yena ba fihla, ba phutha lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele; yaba ba romela teronkong ho ya lata baapostola.


Ba Gasa ba utlwa ho thwe: Samsone o tlile kwano. Yaba ba mo teela hare, ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse; ba kgutsa bosiu bohle, ba re: Hosasane, ha bo esa, re tla mmolaya.


Ebile Saule o romela manqosa tlung ya Davida, ho mo lalla, le ho mmolaya ka meso; empa mosadi wa hae, Mikale, a tsebisa Davida, a re: Ha o sa balehe bosiu, ka meso o tla bolawa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos