Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 20:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ba leshome ha ba utlwa taba eo, ba hlonamela Jakobo le moenae Johanne.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Ha barutuwa ba hae ba leshome ba utlwa hoo, ba halefela bara bao ba babedi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Yare ha ba leshome ba utlwa hoo, ba halefela bara bao ba motho ba babedi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Yare ha ba leshome ba utlwa hoo, ba halefela bara bao ba motho ba babedi.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 20:24
13 Referencias Cruzadas  

Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.


A re ho bona: Efela le tla nwela senwelong sa ka, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; empa haele ho dula letsohong la ka le letona, kapa ho le letshehadi, ha ke na ho ho nea motho, haese ba ho lokiseditsweng ke Ntate.


Jesu, yare ha a ba bileditse ho yena, a re: Le a tseba hoba marena a ditjhaba a di busa, mme baholo ba tsona ba na le puso e thata hodima tsona.


Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela; hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


Ba leshome ha ba utlwa taba eo, ba qala ho hlonamela Jakobo le Johanne.


Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.


Lerato le sebete, le mosa; lerato ha le na mona; lerato ha le na boikgantsho; ha le ikgohomose.


Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.


Empa ha ekaba le ena le mona o bohloko le kgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la etsa leshano, ka ho sitelwa nnete.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos