Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 11:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bangodi le baprista ba baholo ha ba utlwa a rialo, ba batla kamoo ba ka mo timetsang kateng; hobane ba ne ba mo tshaba, kahobane setjhaba sohle se ne se tsota thuto ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba utlwa hona, ba batla hore na ba ka mo timetsa jwang. Ba ne ba mo tshaba, kaha letshwele lohle le ne le hlollwa ke thuto ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Bangodi le baprista ba baholo ba utlwa, ba batla kamoo ba ka mo timetsang kateng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Bangodi le baprista ba baholo ba utlwa, ba batla kamoo ba ka mo timetsang kateng;

Ver Capítulo Copiar




Mareka 11:18
26 Referencias Cruzadas  

Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ana ha ke a ka ka o bolella, ka re, a ke ke a mporofetela molemo, e tla ba bobe feela na?


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo.


Yare ha Jesu a qetile dipolelo tseo, matshwele a tsota thuto ya hae;


Mme ba tsota thuto ya hae, hobane a ne a ba ruta jwaloka motho ya nang le borena, e seng jwaloka bangodi.


Ha re re: E ne e tswa bathong, — teng ba ne ba tshaba setjhaba, hobane bohle ba ne ba re, Johanne ke moporofeta wa sebele.


Jwale ba rata ho mo tshwara, empa ba tshaba bongata; hobane ba ne ba tseba hore o lekantse bona ka setshwantsho seo. Ba mpa ba mo tlohela, ba ikela.


Jwale, bafarisi ba tswela ntle, ba etsa morero le Baheroda hodima Jesu, ho tseba hore na ba ka mmolaya jwang.


hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a mo tseba hoba ke monna ya lokileng, ya halalelang; o ne a mo sireletsa, a be a etse ntho tse ngata, ha a mo utlwile, a rate le ho mo utlwa.


O ne a ruta tempeleng ka matsatsi wohle; mme baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba ne ba rata ho mo timetsa.


Bohle ba mo utlwang ba ne ba tsota hlalefo ya hae le dikarabo tsa hae.


Baprista ba baholo le bangodi ba batla ho isa matsoho ho yena ka yona nako eo, empa ba tshaba batho; hobane efela ba ne ba tsebile hoba o lekantse bona ka setshwantsho seo.


Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na?


Kamora tseo, Jesu a nna a ya le Galelea; hobane a ne a sa rate ho ya le Judea, ke hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.


Ha ke re, Moshe o le neile molao na? Leha ho le jwalo, ha ho e mong wa lona ya phethang molao. Le batlelang ho mpolaya?


Bahlanka ba araba, ba re: Ha ho eso ho be motho ya buang jwaloka motho eo, le ka mohla o le mong.


Empa ha a ntse a bolela ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tla tla, Felikse a tshwarwa ke ho tshaba, mme a bua, a re: O ka ikela jwale; mohla ke boelang ke bona sebaka, ke tla boela ke o bitse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos