Mattheu 2:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) A dula teng, Heroda a ba a shwa, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta ya itseng: Ke latile mora wa ka Egepeta. BIBELE mme a hlola teng ho fihlela Heroda a eshwa; e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: “Ke bitsitse mora wa ka hore a tswe Egepeta.” Baasraak Sotho NT A dula teng ho fihlela Heroda a shwa, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, a re: Ke bitsitse mora wa ka Egepeta. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A dula teng ho fihlela Heroda a shwa, hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, a re: Ke bitsitse mora wa ka Egepeta. |
Modimo o mo ntshitse Egepeta; o na le matla a kang a nare. O qeta ditjhaba tse mo lwantshang; o robaka masapo a tsona, a di imele ka metsu ya hae.
Hoo hohle ho hlahile, hore ho etsahale ho boletsweng ke Morena, ka moporofeta ya itseng:
Empa, eitse hobane Heroda a shwe, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, Egepeta, la re:
Ha a fihla teng, a aha motseng o bitswang Nasaretha, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke baporofeta, ho thwe: O tla bitswa Monasarene.
Empa ha nka etsa jwalo, Mangolo a ka phethahala jwang, a boletseng hore e ka kgona ho be jwalo?
Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale. Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.
Yare hobane ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho; hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho.
hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O inketse mefokolo ya rona, o ipelesitse malwetse a rona.
A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.
Taba tseo ha di fetile, Jesu, ka ho tseba hobane taba tsohle di se di phethehile, a re: Ke nyorilwe; e le hore Lengolo le phethehe.
Hobane taba tseo di hlahile, hore Lengolo le etsahale le reng: Ha ho lesapo la hae le tlang ho rojwa.
Banna ba heso, ho ne ho tshwanela hore lengolo le etsahale, le porofetilweng ke Moya o Halalelang ka molomo wa Davida, le lekanyang Judase, eo e bileng motsamaisi wa ba tshwereng Jesu.