Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 1:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hoo hohle ho hlahile, hore ho etsahale ho boletsweng ke Morena, ka moporofeta ya itseng:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Ka baka leo, ntho e nngwe le e nngwe eo e ka etsahallwang, e le hore o tle o qetelle o sebeletsa Morena ka ho moporofeta.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Ka baka leo, ntho e nngwe le e nngwe eo e ka etsahallwang, e le hore o tle o qetelle o sebeletsa Morena ka ho moporofeta.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 1:22
22 Referencias Cruzadas  

a re: Ho bokwe Jehova Modimo wa Iseraele, ya buileng ka molomo wa hae le ntate Davida, ya phethileng polelo ya hae ka letsoho la hae, jwalokaha a ne a itse:


O tiiseditse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o neng o mmaletse sona; o ne o buile le ka molomo wa hao, mme o phethile tsohle ka letsoho la hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Ka selemo sa ho qala Siruse, morena wa Persia, hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le boletsweng ke Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia; yaba o tumisa kahohle mmusong wa hae ka mokgosi le ka mangolo taba e reng:


ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a itse:


a mpa a se na motso ka ho yena, empa e le wa motsotso o se okae feela; ereha tshwenyeho le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, a phakise a kgoptjwe.


hore ho etsahale polelo ya moporofeta, ya itseng: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho, ke pepese ditaba tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa.


A dula teng, Heroda a ba a shwa, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta ya itseng: Ke latile mora wa ka Egepeta.


Ha a fihla teng, a aha motseng o bitswang Nasaretha, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke baporofeta, ho thwe: O tla bitswa Monasarene.


Le se ke la hloma ekaba ke tlile ho fedisa molao, leha e le baporofeta; ha ke a tla ho fedisa, ke mpa ke tlile ho phetha.


hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O inketse mefokolo ya rona, o ipelesitse malwetse a rona.


Hobane matsatsi ao ke a tefetso, hore tsohle tse ngodilweng di phethahale.


A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.


Ekare ha molao o bitsitse medimo bao lentswe la Modimo le tletseng bona, athe Lengolo ha le na ho tlolwa,


Empa e le hore lentswe le ngodilweng molaong wa bona le etsahale, le reng: Ba ntlhoile feela.


Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka nna ka ba boloka ka lebitso la hao. Ke sireleditse bao o nneileng bona, mme ha ho le a mong wa bona ya timetseng, haese mora timelo, hore Lengolo le etsahale.


Ya eba hore lentswe le etsahale, leo a neng a le boletse, ha a itse: Ha ke a ka ka lahla le a mong wa bao o nneileng bona.


Empa Modimo o phethile jwalo ditaba tseo o neng o di boletse pele ka melomo ya baporofeta bohle ba wona, hore Kreste o tla utlwiswa bohloko.


eo o neng o e baletse batho pele ka baporofeta ba wona, Mangolong a Halalelang,


Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos