Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 4:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 O tle o re ho Faro: Ho thwe ke Jehova: Iseraele ke mora wa ka wa letsibolo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Wena o tla bua le Faro, o re Morena o bua tjena, o re: ‘Iseraele ke mora wa ka wa letsibolo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 4:22
17 Referencias Cruzadas  

Mme nna ke tla mmea letsibolo la ka, le ya phahamileng hara marena a lefatshe.


Eya, o bolelle Faro, morena wa Egepeta, hore a lesele bana ba Iseraele ba tswe naheng ya hae.


o re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, a re: Tlohela setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa lefeelleng; ke mona ho fihlela jwale, ha o eso ho utlwe.


Athe o ntata rona; Abrahama yena a ke ke a re tseba, le Iseraele a ka re hana; wena Jehova, o ntata rona, mme lebitso la hao ke Molopolli wa rona, esale hlolehong.


Empa jwale, Jehova, o ntata rona; re letsopa, mme wena o Mmopi wa rona; kaofela ha rona re mosebetsi wa matsoho a hao.


Na Iseraele ke mofo, na ke mohlanka ya tswetsweng ka tlung ya mong a hae na? Ho ya kang ha a etswa jwaloka ya hapilweng?


Ba tla kgutla ka dillo, ke tla ba tlisa ba ntse ba etsa merapelo; ke ba ise melapong ya metsi ka tsela e lokileng eo ba sa tlo ka ba kgoptjwa ho yona, hobane ke tla ba ntata Iseraele, Efraime e be ngwanaka wa letsibolo.


Iseraele ha a sa le motjha, ke mo ratile; ke bitsitse mora wa ka Egepeta.


Mora o hlonepha ntatae, le mohlanka o hlonepha morena wa hae. Haeba ke ntata lona, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena wa lona, e kae tshabo eo le ntshabang ka yona? ho bolela Jehova wa makgotla ho lona baprista ba nyedisang lebitso la ka; athe le re: Re nyedisa lebitso la hao kang?


A dula teng, Heroda a ba a shwa, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta ya itseng: Ke latile mora wa ka Egepeta.


e leng Baiseraele, bao ho bewa bana e leng ha bona, le kganya, le dilekane, le peo ya molao, le tshebeletso ya Modimo, le dipallo,


mme ke tla ba ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho thualo ke Morena ya matla wohle.


Le bana ba Jehova, Modimo wa lona; le se ke la iphatsa, mme le se ke la ipeola pakeng tsa mahlo ka baka la mofu.


Setjhaba se se nang kelello, se hlokang bohlale, na ke hona hoo le putsang Jehova ka hona na? Na hase yena ntatao, ya o ruileng, ya o entseng, ya o tiisitseng na?


phuthehong le kerekeng ya matsibolo a ngodilweng mahodimong, ho Modimo, moahlodi wa bohle, ho meya ya ba lokileng ba setseng ba phethehile,


Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos