Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hoo hohle ho entswe hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta ya itseng:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Hona ho ile ha etsahala hore ho tle ho phethahale se boletsweng ke moporofeta, ha a re:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Tsena tsohle di etsahetse, hore ho tle ho etsahale se boletsweng ke moporofeta, a re:

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Tsena tsohle di etsahetse, hore ho tle ho etsahale se boletsweng ke moporofeta, a re:

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:4
9 Referencias Cruzadas  

Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


Hoo hohle ho hlahile, hore ho etsahale ho boletsweng ke Morena, ka moporofeta ya itseng:


Etlare ha motho a le botsa taba, le tle le re ho yena: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele.


Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale. Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.


Jwale ba tlisa petsana ho Jesu; ba ala dikobo tsa bona hodima yona, mme Jesu a e kalla.


Jwale ba tla le yona ho Jesu, ba ala dikobo tsa bona hodima petsana, mme ba hlwesa Jesu hodima yona.


Ka hosasane, bongata bo boholo bo tlileng moketeng, yare ha bo utlwa hore Jesu o tla Jerusalema,


Se tshabe, moradi wa Sione; bona, Morena wa hao ke eo ya tlang, a kaletse petsana ya esele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos