Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Morena wa hao ke eo ya tlang ho wena, a le bonolo, a kaletse esele, petsana ya esele e lemaletseng joko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Bolellang moradi wa Sione: Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Morena wa hao o tla ho wena, a le bonolo, a kaletse esele, le petsana ya esele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Morena wa hao o tla ho wena, a le bonolo, a kaletse esele, le petsana ya esele.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:5
39 Referencias Cruzadas  

Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Morena a re ho Tsiba: O reng ka tseo? Tsiba a re: Diesele ke hore ba ntlo ya morena ba di palame; mahobe wona le mangata a difeiye e be dijo tsa bahlankana, veine yona e nowe ke ya kgathalang feelleng.


Morena a ba bolella, a re: Nkang bahlanka ba mong a lona, le kallise Salomone, mora ka, esele ya ka; le mo theosetse Gihone;


Hape, Salomone a ipokellela makoloi le bakalli, e le makoloi a sekete se le seng se makgolo a mane, le bakalli ba kete tse leshome le metso e mmedi, ba abetsweng metseng ya makoloi le moreneng, Jerusalema.


ke tle ke tumise dithoko tsa hao kaofela dikgorong tsa moradi wa Sione, ke thabele poloko ya hao!


Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele.


Nyolohela thabeng e phahamileng, wena ya bolellang Sione taba tse molemo; o phahamise lentswe la hao ka matla, wena ya bolellang Jerusalema taba tse molemo; o le phahamise, o se ke wa tshaba, o bolelle metse ya Juda, o re: Modimo wa lona ke ona!


Bonang, Jehova o tsebisa dipheletso tsa lefatshe taba ya ho re: Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Mmoloki wa hao o a fihla; bona, o na le moputso wa hae, pheelo ya hae e mo eteletse pele.


Nna, ke le Jehova, ke tla ba Modimo wa tsona, mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena hara tsona. Ke nna Jehova ke boletseng tseo.


Mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona, e be modisa wa bona bohle; ba tla tsamaya ka ditaelo tsa ka, ba boloke dikomelo tsa ka, ba di etse.


Haele ntlo ya Juda, ke tla e hauhela, ke e pholose ka Jehova, Modimo wa yona; empa hase ka seqha, le ka lerumo, le ka ntwa, le ka dipere le ka bakalli ke tlang ho e pholosa.


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


ya tswang ho Jakobo o busa ka borena, mme o senya ba setseng metseng ya bona.


Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.


ba re: O kae ya tswetsweng morena wa Bajuda? Hobane re bone naledi ya hae botjhabela, mme re tlile ho mo kgumamela.


Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ebile barutuwa ba ya, ba etsa kamoo ba laetsweng kateng, ke Jesu.


Yaba o qala ka Moshe, a isa ho baporofeta bohle, a ntse a ba hlalosetsa Mangolong wohle tseo a boletsweng ka tsona.


Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye.


Ke le Pauluse, ke a le kgothatsa ka bonolo le ka mosa wa Kreste, e le nna eo ho thweng ke ikokobetsa ha ke le hara lona, empa ha ke se teng, ke ye ke le etsetse ka matla;


Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.


A ba le bara ba mashome a mane le ditloholo tse mashome a mararo, ba neng ba palama diesele tse mashome a supileng. A ahlolela Iseraele ka dilemo tse robileng meno e le mmedi.


lona ba palameng diesele tse tshweu lona ba dutseng maseleng a alwang; le lona ba tsamayang ka ditsela, binang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos