Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ebile barutuwa ba ya, ba etsa kamoo ba laetsweng kateng, ke Jesu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Yaba barutuwa ba a ya, mme ba etsa kamoo Jesu a ba laetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Barutuwa ba ya, ba etsa kamoo Jesu a ba laetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Barutuwa ba ya, ba etsa kamoo Jesu a ba laetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:6
9 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrame o a falla, kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; mme Lota a falla le yena. Dilemo tsa Abrame, ha a tloha Kharane, di ne di le mashome a supileng a metso e mehlano.


Yaba Nowe o etsa kahohle kamoo Modimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa jwalo.


Moshe a tadima mosebetsi wohle, mme a fihlela ba o entse jwalokaha Jehova a ne a laetse; ba o etsa jwalo. Yaba Moshe o a ba hlohonolofatsa.


Moshe a etsa jwalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.


Ka etsa jwalo, kamoo a ntaetseng kateng. Motshehare, ka ntshetsa thoto ya ka kantle, jwalokaha ho ntshwa thoto ya mofalli; mantsiboya, ka phunya lerako ka matsoho a ka. Eitse ka shwalane, ka e ntshetsa ntle, mme ka e jara ka mahetla pela mahlo a bona.


Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Morena wa hao ke eo ya tlang ho wena, a le bonolo, a kaletse esele, petsana ya esele e lemaletseng joko.


Ba tlisa esele le petsana ya yona, mme ba ala diaparo tsa bona hodima yona, mme Jesu a e kalla.


Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.


Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos