Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Etlare ha motho a le botsa taba, le tle le re ho yena: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 mme ha motho a ka le botsa ho hong, le re ho yena: ‘Morena o a di hloka,’ mme o tla di lokolla hanghang.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ekare ha motho a le bolella taba, le tle le re: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ekare ha motho a le bolella taba, le tle le re: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:3
18 Referencias Cruzadas  

Tloha, o ye Sarepta wa Sidone, o dule teng; bona, ke laetse mosadi wa mohlolohadi wa teng hore a o fepe.


Ka selemo sa ho qala Siruse, morena wa Persia, hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le boletsweng ke Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia; yaba o tumisa kahohle mmusong wa hae ka mokgosi le ka mangolo taba e reng:


Yaba dihlooho tsa matlo a bontata Juda le Benjamine, le baprista le Balevi, hammoho le bohle bao dipelo tsa bona di susumedistweng ke Jehova, ba tloha ho ya haha ntlo ya Jehova ya Jerusalema.


Ho bokwe Jehova, Modimo wa bontata rona, ya beileng taba tse kalo, pelong ya morena tsa hore ho kgabiswe ntlo ya Jehova ya Jerusalema,


Lefatshe ke la Jehova le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona.


a re ho bona: Eyang motsaneng oo le o lebileng; etlare le sa fihla, le tla be le fumane esele e holehilweng, e nang le petsana ya yona; le di lokolle, mme le ntlisetse tsona.


Hoo hohle ho entswe hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta ya itseng:


hobane o mo neile borena hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona a ba nee bophelo bo sa feleng.


Ntate o rata Mora, mme o mo neile dintho tsohle matsohong.


ha o sebeletswe ke batho ka matsoho, jwaloka hoja o hloka letho, kanthe ke wona o fang bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.


A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.


Le yena Saule a ya ha hae Gibea, a ena le sehlopha sa batho bao dipelo tsa bona di amilweng ke Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos