A isa le ba Jerusalema bohle kgolehong, le mahosana wohle, le bahlabani ba matla; ba isitsweng kgolehong ya eba banna ba dikete tse leshome, le ditei, le malala, ho se ke ha sala le a mong, haese mafutsana a setjhaba sa lefatshe.
Mattheu 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jekonia a tswala Salathiele, ha setjhaba se se se isitswe Babilona; Salathiele a tswala Sorobabele; BIBELE Jwale, kamora ho fallisetswa ha bona Babilona, Jekoneya a tswala Salatiele, Salatiele a tswala Sorobabele, Baasraak Sotho NT Emva kokuthunjelwa eBabele, Jekoniya wa tswala Salatiyeli; Salatiyeli wazala Zorubhabheli; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Emva kokuthunjelwa eBabele, Jekoniya wa tswala Salatiyeli; Salatiyeli wazala Zorubhabheli; |
A isa le ba Jerusalema bohle kgolehong, le mahosana wohle, le bahlabani ba matla; ba isitsweng kgolehong ya eba banna ba dikete tse leshome, le ditei, le malala, ho se ke ha sala le a mong, haese mafutsana a setjhaba sa lefatshe.
Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho holehuwa ha Jojakine, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng la kgwedi, Evile-Merodake, morena wa Babilona, a ntsha Jojakine, morena wa Juda, teronkong, e le ka selemo seo a qalang ho busa ka sona.
Teng, Joshua, mora Jotsadake, le banababo e leng baprista, le Sorobabele, mora Salathiele, le banababo, ba ema, ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, ho hlabela mahlabelo a ditjheso ho yona, ka ho ya ka se ngodilweng molaong wa Moshe, monna wa Modimo.
Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake ba tsoha, ba boela ba qala ho haha ntlo ya Modimo e Jerusalema, ba ena le baporofeta ba Modimo ba ba tlatsang.
Baprista le Balevi ba kileng ba falla Babilona le Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, ke Seraia, Jeremia, Esdrase,
Ke a phela, ho bolela Jehova, hojane Jekonia, mora Jojakime, a le jwaloka lesale la tiiso letsohong la ka le letona, ke ne ke tla mo pshemola teng.
Na motho eo, Jekonia, ke lefiso le nyediswang, le pshatlwang na? Kapa a ke mosebetsi o seng o se na thuso na? Ba lahlwa keng yena le lesika la hae, ho ya lahlelwa lefatsheng leo ba sa le tsebeng?
Ho itswe ke Jehova: Bakeng sa motho eo, ngolang hobane ke ya hlokang bana, motho ya sa tlo atleha ditshiung tsa hae; hobane ha ho tla ke ha tseba motho wa lesika la hae ho dula teroneng ya Davida, le ho busa Juda.
ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a sa kang a ya le wona mohla a tshwarang Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, Jerusalema, a ba a mo isa kgolehong Babilona, hammoho le baholo kaofela ba Juda le ba Jerusalema;
Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:
Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le masala wohle a setjhaba, ba utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa bona, ka dipolelo tsa moporofeta Haggai, kamoo a neng a romilwe ke Jehova kateng, Modimo wa bona; mme setjhaba sa tshaba Jehova.
Yaba Jehova o tshosa moya wa Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le moya wa Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le moya wa masala wohle a setjhaba, mme ba ya, ba qala ho sebetsa ntlo ya Jehova wa makgotla, Modimo wa bona,
Bua hle le Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le masala a setjhaba, o re:
Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla o nka, wena Sorobabele, mora Salathiele, mohlanka wa ka, ho bolela Jehova, mme ke tla o etsa o be jwaloka lesale la ho tshwaya, hobane ke o kgethile, ho bolela Jehova wa makgotla.
Mme jwale, ho qala ka Abrahama, ho isa ho Davida, meloko yohle ke meloko e leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa kgolehong ya Babilona, ke meloko e leshome le metso e mene; mme hape, ho tloha kgolehong ya Babilona ho isa ho Jesu Kreste, ke meloko e leshome le metso e mene.