Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Josiase a tswala Jekonia le banababo, mohla Bajuda ba iswang kgolehong Babilona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Josiya a tswala Jekoneya le bana babo ka nako ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 uJosiya wazala uJekoniya na sebaka, sebaka sa ho thunjelwa ho khetha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 uJosiya wazala uJekoniya na sebaka, sebaka sa ho thunjelwa ho khetha.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 1:11
17 Referencias Cruzadas  

Joakase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro, ha a qala ho busa; a busa ka kgwedi tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.


A isa le ba Jerusalema bohle kgolehong, le mahosana wohle, le bahlabani ba matla; ba isitsweng kgolehong ya eba banna ba dikete tse leshome, le ditei, le malala, ho se ke ha sala le a mong, haese mafutsana a setjhaba sa lefatshe.


Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.


Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.


A isa Babilona kgolehong bohle ba neng ba phonyohile lerumong; ya eba bafo ba hae le ba bara ba hae ho ya fihla pusong ya mmuso wa Persia;


Boporofeta hodima Babilona, bo senoletsweng Esaia, mora Amotse:


ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a sa kang a ya le wona mohla a tshwarang Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, Jerusalema, a ba a mo isa kgolehong Babilona, hammoho le baholo kaofela ba Juda le ba Jerusalema;


Masala a setjhaba a sa setseng motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse yena, le masala a sa setseng a setjhaba, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong, Babilona.


Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.


Jekonia a tswala Salathiele, ha setjhaba se se se isitswe Babilona; Salathiele a tswala Sorobabele;


Mme jwale, ho qala ka Abrahama, ho isa ho Davida, meloko yohle ke meloko e leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa kgolehong ya Babilona, ke meloko e leshome le metso e mene; mme hape, ho tloha kgolehong ya Babilona ho isa ho Jesu Kreste, ke meloko e leshome le metso e mene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos