Esdrase 3:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 Teng, Joshua, mora Jotsadake, le banababo e leng baprista, le Sorobabele, mora Salathiele, le banababo, ba ema, ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, ho hlabela mahlabelo a ditjheso ho yona, ka ho ya ka se ngodilweng molaong wa Moshe, monna wa Modimo. Ver CapítuloBIBELE2 Jwale Jeshua, mora wa Josadake, a ema, a ena le bana babo, e leng baprista, le Serubabele, mora wa Shealetiele, le yena a ena le bana babo. Bana bohle ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, hore ba tle ba nyehelle dinyehelo tsa setjheso hodima yona, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, moporofeta wa Modimo. Ver Capítulo |
Selemong sa bobedi sa ho fihla ha bona tlung ya Modimo o Jerusalema, ka kgwedi ya bobedi, Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake, le banababo bona ba bang bao e leng baprista le Balevi, le bohle ba neng ba kgutletse Jerusalema ba etswa kgolehong, ba qala ho sebetsa. Ha bewa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele hore ba tsamaise mosebetsi wa ntlo ya Jehova.