Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 22:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Na motho eo, Jekonia, ke lefiso le nyediswang, le pshatlwang na? Kapa a ke mosebetsi o seng o se na thuso na? Ba lahlwa keng yena le lesika la hae, ho ya lahlelwa lefatsheng leo ba sa le tsebeng?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Na Koniya hase nkgwana e nyatsehang, e matlere? Na hase sejana seo ho seng ya se thabelang? Ke hobaneng ha yena le bana ba hae ba lelekilwe, ba leleketswe naheng eo ba sa e tsebeng?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:28
20 Referencias Cruzadas  

Teng, Bafilesta ba lahla le ditshwantsho tsa medimo ya bona, mme Davida le banna ba hae ba ya le tsona.


O ne a le dilemo tse mashome a meraro a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robileng meno e le mmedi a le Jerusalema. A ikela a sa llelwe ke motho, mme a patwa motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a marena.


ho batho ke lebalehile jwaloka mofu ya seng a le siyo mehopolong, ke jwaloka moeta o lahlwang;


Ha ke tswela naheng, ho bonwa ba bolailweng ke lerumo; leha ke kena motseng, ho bonwa ba shwang ke tlala; hape, haele moporofeta le yena moprista, ba lelera naheng eo ba sa e tsebeng.


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Le lona, le entse hampe ho fetisa bontata lona; bonang, le tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae, hore le tle le se ke la nkutlwa.


Ka molato wa hao o tla senyehelwa ke lefa leo ke neng ke o neile lona; ke tla o etsa mofo wa bao e leng dira ho wena, lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane le tukisitse mollo wa kgalefo ya ka, o ya nne o tjhese ka ho sa feleng.


Haele lefatshe leo pelo tsa bona di tla le hlolohelwa ho boela teng, ba ke ke ba boela teng.


Ho itswe ke Jehova: Bakeng sa motho eo, ngolang hobane ke ya hlokang bana, motho ya sa tlo atleha ditshiung tsa hae; hobane ha ho tla ke ha tseba motho wa lesika la hae ho dula teroneng ya Davida, le ho busa Juda.


Eitse hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, a tshware Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le baholo ba Juda, le dibetli, le malala Jerusalema, a ba kentse Babilona, Jehova a mpontsha pono; mme bonang, diroto tse pedi tsa difeiye di ne di beilwe pela tempele ya Jehova.


ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a sa kang a ya le wona mohla a tshwarang Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, Jerusalema, a ba a mo isa kgolehong Babilona, hammoho le baholo kaofela ba Juda le ba Jerusalema;


Tulong tsa Jekonia, mora Jojakime, ha busa Tsedekia, mora Josiase, a beilwe morena lefatsheng la Juda ke Nebukadresare, morena wa Babilona.


Matlung wohle a Moabe le diterateng tsohle tsa hae ho a bokollwa; hobane ke pshatlile Moabe, jwaloka hoja ke lefiso le se nang theko, ho bolela Jehova.


Leha Efraime a beha ditholwana hara banababo, moya wa botjhabela o ya foka, moya wa Jehova o ya tswa feelleng. Ho tla psha sediba sa hae, mehlodi ya hae e ome. Sera se tla hapa matlotlo a mesebetsi yohle ya bohlokwa.


Iseraele o a metswa, hara ditjhaba ba jwaloka pitsa e sa ratweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos