Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ho itswe ke Jehova: Bakeng sa motho eo, ngolang hobane ke ya hlokang bana, motho ya sa tlo atleha ditshiung tsa hae; hobane ha ho tla ke ha tseba motho wa lesika la hae ho dula teroneng ya Davida, le ho busa Juda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Morena o bua tjena: “Ngolang hore monna enwa ha a na bana, ke motho ya ke keng a atleha bophelong ba hae, ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla atleha, ya tla dula teroneng ya Davida, ya tla busa ba morabe wa Juda.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:30
11 Referencias Cruzadas  

Ha a siye mora leha e le setloholo hara setjhaba sa hae, meahong ya hae ho hlokahala mosiuwa ya tswang ho yena.


Na o ka ba le kopano le terone ya bokgopo, e qapang bobe, e nyatsisang molao na?


Hobane badisa ba thotofetse, ha ba ka ba batla Jehova; ka baka leo, ha ba ka ba atleha, mehlape yohle ya bona e a qhalanngwa.


Le hona o tla tswa teng, o rwetse matsoho a hao hloohong, hobane Jehova o lahlile bao o ba tshepileng, o ke ke wa fumana thuso ho bona.


o re: Mamela lentswe la Jehova, wena morena wa Juda, ya dutseng teroneng ya Davida, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, bao le kenang ka menyako ena.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgalemela Shemaia, Monehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho wa hae ya ahang hara setjhaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho kwenehelwe Jehova.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, morena wa Juda: A ke ke a ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida, mme setopo sa hae se tla lahlelwa kantle komellong ya letsatsi le serameng sa bosiu.


Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, le baholo bohle ba Juda a ba bolaela Ribla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos