Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 22:30 - BIBELE

30 Morena o bua tjena: “Ngolang hore monna enwa ha a na bana, ke motho ya ke keng a atleha bophelong ba hae, ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla atleha, ya tla dula teroneng ya Davida, ya tla busa ba morabe wa Juda.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ho itswe ke Jehova: Bakeng sa motho eo, ngolang hobane ke ya hlokang bana, motho ya sa tlo atleha ditshiung tsa hae; hobane ha ho tla ke ha tseba motho wa lesika la hae ho dula teroneng ya Davida, le ho busa Juda.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:30
11 Referencias Cruzadas  

Tjhabeng sa habo ha a na ngwana, leha e le setloholo, lapeng la hae ha ho a sala le thokolwana.


Na o ka ba le kopano le baahlodi, baahlodi ba kgopo, ba fetolang bobe molao?


Badisa ba hloka kelello, thuso ya Morena ha ba e batle, kahoo ba ke ke ba fumana katleho, mehlape ya bona yohle e qhalakane.


Le moo Egepeta, o tla kgutla, o kgutle teng matsoho o a beile hloohong, hoba Morena o furaletse bao o ba tshepang, mme ba ke ke ba o fumantsha katleho.”


o re: ‘Mamela lentswe la Morena, wena kgosi ya Juda, wena ya dutseng teroneng ya Davida, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao se kenang ka dikgoro tsena.


ka baka leo, Morena o re: Bonang, ke tla otla Shemaya ya tswang Nehelame le ditloholo tsa hae. Ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla sala; le yena Shemaya ha a ka ke a bona tse molemo, tseo ke tla di etsetsa setjhaba sa ka, hobane o rutile setjhaba sa ka ho mphetohela,’ ” ho rialo Morena.


Ka baka leo, Morena o bua tjena ka Jehoyakime, kgosi ya Juda: ‘Jehoyakime ha a na ho ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida; setopo sa hae se tla lahlelwa ntle, motsheare se tjheswe ke lebatama la letsatsi, bosiu se lalwe ke serame.


Hona moo Ribela, kgosi ya Babilona ya bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, ya ba bolaya le balaodi bohle ba Juda.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos