Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ke a phela, ho bolela Jehova, hojane Jekonia, mora Jojakime, a le jwaloka lesale la tiiso letsohong la ka le letona, ke ne ke tla mo pshemola teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 “Ke a le hlapanyetsa,” ho rialo Morena, “Leha eba wena Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, o ne o ka ba lesale le monwaneng wa letsoho la ka le letona, ke ne ke tla o rola.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:24
16 Referencias Cruzadas  

Ebile Jojakine, morena wa Juda, o tswela ho morena wa Babilona, e le yena, le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le matona a hae. Morena wa Babilona a mo tshwara ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa ho busa ha hae.


A isa Jojakine Babilona kgolehong, le mma morena, le basadi ba morena, le matona a hae, le baholo ba lefatshe; a tloha le bona Jerusalema, a ba isa Babilona kgolehong.


Bara ba Jojakime ke mora hae Jekonia; mora hae ke Tsedekia.


Jojakine o ne a le dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa, a busa ka kgwedi tse tharo tse nang le ditshiu tse leshome Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


O mpee jwaloka tiiso pelong ya hao, jwaloka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla jwaloka lefu, poulelo e thata jwaloka nqalo ya bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke kgabo ya Jehova.


Bona, ke o ngodile diatleng tsa ka; marako a hao a pela ka kamehla.


Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.


Na motho eo, Jekonia, ke lefiso le nyediswang, le pshatlwang na? Kapa a ke mosebetsi o seng o se na thuso na? Ba lahlwa keng yena le lesika la hae, ho ya lahlelwa lefatsheng leo ba sa le tsebeng?


Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa ntlo ya morena wa Juda: Ho nna o Gileade, o hlooho ya Lebanone, empa ke tla o fetola lefeella, le metse e sa ahuwang!


Eitse hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, a tshware Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le baholo ba Juda, le dibetli, le malala Jerusalema, a ba kentse Babilona, Jehova a mpontsha pono; mme bonang, diroto tse pedi tsa difeiye di ne di beilwe pela tempele ya Jehova.


Le Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le ba kgolehong kaofela ba Juda ba ileng Babilona, ke tla ba busetsa nqalong ena, ho bolela Jehova, hobane ke tla roba joko ya morena wa Babilona.


Ke ha morena Jekonia, le mofumahadi, le matona, le baholo ba Juda le ba Jerusalema, le dibetli, le malala, ba ne ba se ba tswile Jerusalema.


Tulong tsa Jekonia, mora Jojakime, ha busa Tsedekia, mora Josiase, a beilwe morena lefatsheng la Juda ke Nebukadresare, morena wa Babilona.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla o nka, wena Sorobabele, mora Salathiele, mohlanka wa ka, ho bolela Jehova, mme ke tla o etsa o be jwaloka lesale la ho tshwaya, hobane ke o kgethile, ho bolela Jehova wa makgotla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos