Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Wena, moahi wa Lebanone ya ahileng difateng tsa kedare, o tla bobola hakakang, mohla tlokotsi e o hlahelang le tsietsi e kang ya mobelehi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Wena moahi ya phelang Lebanone, ya phelang tlung e hahilweng ka dikedare, o tla dumaela hakae ha mahlaba a o fihlela, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung!

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:23
18 Referencias Cruzadas  

Bona, ke na le taba le wena, motse o dutseng kgohlong, lefikeng la lehwatata, ho bolela Jehova; hape ke na le taba le lona le reng: Re ka futuhelwa ke mang? Kapa ke mang ya ka kenang matlung a rona?


Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa ntlo ya morena wa Juda: Ho nna o Gileade, o hlooho ya Lebanone, empa ke tla o fetola lefeella, le metse e sa ahuwang!


Lentswe le utlwahala dithoteng tse phahameng, ke dillo le merapelo ya bana ba Iseraele, hobane ba kgopamisitse tsela ya bona, ba lebetse Jehova, Modimo wa bona.


Tlohelang metse ya lona, le ahe mafikeng, lona baahi ba Moabe, le be jwaloka maeba a ikgahelang molomong wa mahaha.


Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.


Re utlwile botumo ba sona, mme matsoho a rona a hlile a fokola, tsietsi e re tshwere, bohloko ke bo jwaloka ba ya belehang.


o re: Morena Jehova o re: Ntsu e kgolo e dipheo di telele, e setono se selelele, e masiba a teteaneng, a mebalabala, e ne e tle Lebanone, mme ya nka ntlha ya kedare.


Ke tla tloha, ke kgutlele nqalong ya ka, ke dule teng, ba tle ba be ba ikutlwe dibe tsa bona, ba batle sefahleho sa ka. Tlokotsing ya bona, ba tla tsohela ho tla ho nna.


Ha ba howeletse ho nna ka dipelo tsa bona, empa ba bokolla phateng tsa bona, ba bokana hammoho bakeng sa mabele le jwala, mme ba mphuralla.


Leha ba ka phunya nqalo ya bafu ho tshabela teng, le teng letsoho la ka le tla ba ntsha; leha ba ka nyolohela lehodimong, ke tla ba theola teng.


Leha o ka haha ntlo ya hao e phahameng, jwaloka ntsu, leha o ka e bea hara dinaledi, le teng ke tla o dihela, ho bolela Jehova.


Ho madimabe ya ruelang ntlo ya hae leruo le lebe, ya beang moaho wa hae phahameng, hore a itshireletse bobeng!


Balaame a bona le Bakene, a porofeta, a re: Moaho wa hao o thata, mme sehlaha sa hao o se beile lefikeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos