Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 22:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ke tla o neela matsohong a ba batlang bophelo ba hao, le matsohong a bao o thothomelang pela bona, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, le matsohong a Bakalde.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Ke tla neelana ka wena matsohong a ba batlang ho o bolaya, bona bao o ba tshabang, e leng matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a Bakalatiya.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 22:25
8 Referencias Cruzadas  

Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.


Seo e mobe a se tshabang ke sona se tlang ho mo wela hodimo; empa ba lokileng ba tla newa seo ba se ratang.


Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


Na motho eo, Jekonia, ke lefiso le nyediswang, le pshatlwang na? Kapa a ke mosebetsi o seng o se na thuso na? Ba lahlwa keng yena le lesika la hae, ho ya lahlelwa lefatsheng leo ba sa le tsebeng?


Mme jwale, ke neela mafatshe ana wohle matsohong a Nebukadnesare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka; ke mo neela le tsona diphoofolo tsa naha, di tle di mo sebeletse.


Yaba morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia ka sephiring, a re: Ka Jehova ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya, leha e le ho o neela matleng a batho ba batlang bophelo ba hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos