A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!
Luka 8:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa a araba, a re ho bona: Mme le banabeso ke ba utlwang lentswe la Modimo, ba etsang ka lona. BIBELE Empa a ba araba, a re: “Bao e leng mme le bana beso, ke ba utlwang, ba phethang lentswe la Modimo.” Baasraak Sotho NT A araba, a re ho bona: Mme le banabeso ke bana ba utlwang lentswe la Modimo, mme ba le phetha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A araba, a re ho bona: Mme le banabeso ke bana ba utlwang lentswe la Modimo, mme ba le phetha. |
A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!
Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.
Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa jwalo ho e mong wa ba banyenyane bana, ha le a ka la nketsa jwalo le nna.
Jwale, Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang, le bolelle banabeso hore ba ye Galelea; ke moo ba tla mpona teng.
Mme tse wetseng mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka dipelo tse ntle, tse molemo; ba le boloka, mme ba beha dijo ka tiisetso.
Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona.
Ka baka leo, le jwale ha re sa tseba motho ka nama; esita le yena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, jwale ha re sa mo tseba ka mokgwa oo.
mme ke tla ba ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho thualo ke Morena ya matla wohle.
Ha le tseba hobane o lokile, le ke le tsebe hoba e mong le e mong ya etsang ho lokileng, o tswetswe ke yena.
Moratuwa, o se ke wa etsisa bobe, o mpe o etsise botle. Ya etsang hantle o tswa ho Modima; empa ya etsang hampe ha a ka a bona Modimo.