Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 6:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 mme ke tla ba ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho thualo ke Morena ya matla wohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ke tla ba ntata lona, mme le tla ba bara le baradi ba ka,” ho rialo Morena ya matla wohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Ke tla ba Ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho rialo Morena ya matla wohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Ke tla ba Ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho rialo Morena ya matla wohle.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 6:18
21 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;


Yaba Jakobo o re ho Josefa: Modimo o matla wohle o kile wa iponahatsa ho nna Luse, naheng ya Kanana, wa ntlhohonolofatsa,


ke tla ba ntatae, yena e be mora ka. Ha a ka kgeloha, ke tla mo shapa ka thupa ya batho le ka phafa ya bana ba batho;


Ke tla ba ntatae, yena e be mora ka; nke ke ka mo amoha mohau wa ka, jwalokaha ke ne ke o amohe ba neng ba le pele ho wena;


Ditloholo tse tlang ho hlaha di tla mo sebeletsa, moloko o tlang o tla bolellwa kganya ya Morena.


Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe;


Nna ka re: Nka o bea jwang baneng ba ka, nka o nea jwang lefatshe le lakatsehang, leruo le letle la makgotla a ditjhaba? Ka re: Le tla mpitsa Ntate, mme ha le sa tla nkwenehela.


Mohlang oo, ho bolela Jehova, ke tla ba Modimo wa meloko yohle ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka.


Ba tla kgutla ka dillo, ke tla ba tlisa ba ntse ba etsa merapelo; ke ba ise melapong ya metsi ka tsela e lokileng eo ba sa tlo ka ba kgoptjwa ho yona, hobane ke tla ba ntata Iseraele, Efraime e be ngwanaka wa letsibolo.


Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ya ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitso la lona;


Hobane tse bopilweng kaofela di lebeletse ponahalo ya bana ba Modimo ka hlolohelo e kgolo.


Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setshwantsho sa Mora wona, hore yena e tle e be wa letsibolo hara baena ba bangata.


Hobane bohle le bara ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.


Hobane leratong la wona, o ne o rere pele ho re bea bana ba wona, ka Jesu Kreste, ka ketso ya boithatelo ba wona,


Ke nna alfa le omega, qalo le qetello, ho bolela Morena Modimo, ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, ya matla wohle.


Haele tempele, ha ke a ka ka e bona ho wona; hobane Morena Modimo o matla wohle le Konyana ke tempele ya wona.


Ya hlolang o tla ja lefa la ntho tsohle, mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos