Mattheu 25 - Sesotho 1909/1961 (SO)Setshwantsho sa barwetsana ba leshome, le sa ditalenta. 1 Mohlang oo, mmuso wa lehodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome ba nkileng dilampi tsa bona, ba tswile ho kgahlanyetsa monyadi. 2 Ba bahlano ho bona e be e le ba bohlale, ba bahlano ba bang e be e le mawatla. 3 Mawatla ha a nka dilampi tsa wona, ha a ka a di nkela ole. 4 Empa ba bohlale ba nka ole dipitseng tsa bona, hammoho le dilampi tsa bona. 5 Jwale kahobane monyadi a diehile, ba otsela bohle, ba robala. 6 Yare bosiu bo boholo, ha etswa mohoo, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tswang, le mo kgahlanyetse. 7 Yaba barwetsana bao kaofela ba tsoha, ba lokisa dilampi tsa bona. 8 Mawatla a re ho ba bohlale: Le re qhatsetse ole, hobane dilampi tsa rona di a tima. 9 Empa ba bohlale ba araba, ba re: Tjhe; e ke ke ya lekana rona le lona; eyang ho bao e rekwang ho bona, le ithekele. 10 Ba re ba sa ya ithekela, monyadi a fihla, mme ba itokisitseng ba kena le yena bohading, mme ha kwalwa monyako. 11 Barwetsana ba bang ba ntoo fihla, ba re: Morena, Morena, re bulele! 12 Empa a ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Ha ke le tsebe. 13 Lebelang ke hona; kahobane ha le tsebe letsatsi le hora eo Mora motho a tla tla ka yona. 14 Hobane ho jwaloka motho ya etang, eo eitseng hobane a bitse bahlanka ba hae, a ba neela letlotlo la hae. 15 A nea e mong ditalenta tse hlano, e mong a mo nea di le pedi, e mong a newa e le nngwe; e mong le e mong a newa ka matla a hae; yaba o a tsamaya. 16 Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano. 17 Ya nkileng ditalenta tse pedi, a rua tse ding tse pedi le yena ka mokgwa o jwalo. 18 Empa ya nkileng talenta e le nngwe, a ya, a tjheba fatshe, mme a epela tjhelete ya morena wa hae. 19 Tshiu tse ngata ha di fetile, morena wa bahlanka bao a fihla, mme a hlahloba ditaba le bona. 20 Yaba ya nkileng ditalenta tse hlano o tla, a hlahisa tse ding tse hlano, a re: Morena, o ne o nneile ditalenta tse hlano; bona, ke ruile tse ding tse hlano kahodima tsona. 21 Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao. 22 Ha tla le ya neilweng ditalenta tse pedi, a re: Morena, o ne o nneile ditalenta tse pedi; bona, ke ruile tse ding tse pedi kahodima tsona. 23 Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao. 24 Ya neilweng talenta e le nngwe le yena a tla, a re: Morena, ke o tsebile hobane o motho ya thata, ya kotulang moo o sa kang wa jala teng, mme o bokella moo o sa kang wa hasa peo teng. 25 Ke tshabile ke hona, mme ke ile ka pata talenta ya hao mobung; bona, e sa le ena ntho ya hao. 26 Yaba morena wa hae o mo araba, a re: Mohlanka ya lonya, ya sebodu, o ne o tseba hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala teng, mme ke bokella moo ke sa kang ka hasa peo teng. 27 Ha ho le jwalo, o ka be o beile tjhelete ya ka bankeng, mme ha ke fihla, nka be ke latile ntho ya ka le phaello ya yona. 28 Mo amoheng talenta hle, le e nee ya nang le ditalenta tse leshome. 29 Hobane e mong le e mong ya nang le ntho o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona. 30 Lahlelang mohlanka ya sebodu mafifing a kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno. Mora motho o tla ahlola batho. 31 Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae. 32 Ditjhaba tsohle di tla bokellwa pela hae; mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwaloka modisa ha a kgetha dinku ho dipodi. 33 O tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, a bee dipodi ho le letshehadi. 34 Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le amohele mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa. 35 Hobane ke na be ke lapile, mme le kile la nnea ka ja; ke na be ke nyorilwe, mme le kile la nnea ka nwa; ke na be ke le moeti, mme la nkenya tlung ha lona; 36 ke na be ke hlobotse, mme la nkapesa; ke na be ke baba, mme le tlile ho mpona; ke na be ke le teronkong, mme la tla ho nna. 37 Etlaba hona ba lokileng ba mo arabang, ba re: Morena, ke neneng re kileng ra o bona o lapile, mme ra o nea wa ja; leha o nyorilwe, mme ra o nea wa nwa? 38 Ke neng re o boneng o le moeti, mme re kileng ra o kenya tlung ha rona; leha o hlobotse, mme ra o apesa? 39 Ke neng re o boneng o baba, mohlomong o le teronkong, mme ra ya ho wena? 40 Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna. 41 Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae. 42 Hobane ke na be ke lapile, mme ha le a ka la nnea ka ja; ke na be ke nyorilwe, mme ha le a ka la nnea ka nwa; 43 ke na be ke le moeti, mme ha le a ka la nkenya tlung ha lona; ke na be ke hlobotse, mme ha le a ka la nkapesa; ke na be ke le pabong, le teronkong, mme ha le a ka la tla mpona. 44 Ke moo le bona ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re kileng ra o bona o lapile, leha o nyorilwe, leha o le moeti, leha o hlobotse, leha o baba, leha o le teronkong, mme re sa ka ra o thusa? 45 Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa jwalo ho e mong wa ba banyenyane bana, ha le a ka la nketsa jwalo le nna. 46 Mme bona bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa