Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 25:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mawatla a re ho ba bohlale: Le re qhatsetse ole, hobane dilampi tsa rona di a tima.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Dithoto tsa re ho ba bohlale: ‘Re qhatsetseng ole ya lona, kahobane mabone a rona a a tima.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Mawatla a re ho ba bohlale: Re feng ole ya lona; hobane mabone a rona a a tima.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Mawatla a re ho ba bohlale: Re feng ole ya lona; hobane mabone a rona a a tima.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 25:8
18 Referencias Cruzadas  

Bona, lesedi la e mobe le tla tingwa, mollo wa leifo la hae ha o sa tla hlola o hotetswa.


Ke mohlomong feela lebone la ba bolotsana le tingwang, ha ba atise ho welwa ke tshenyeho; Modimo ha o atise ho ba abela maswabi kgalefong ya wona,


Ha ho le a mong wa bona ya ka tsebang ho lopolla ngwanabo, leha e le ho ntshetsa Modimo topollo bakeng sa hae.


Lesedi la ba lokileng ke thabo; empa lebone la ba babe le a tima.


Ya rohakang ntatae le mmae, lebone la hae le tla tima lefifing.


Mohlang oo, mmuso wa lehodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome ba nkileng dilampi tsa bona, ba tswile ho kgahlanyetsa monyadi.


Yaba barwetsana bao kaofela ba tsoha, ba lokisa dilampi tsa bona.


Empa ba bohlale ba araba, ba re: Tjhe; e ke ke ya lekana rona le lona; eyang ho bao e rekwang ho bona, le ithekele.


Mme le se ke la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke a le bolella, ke re: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.


Matheka a lona a tlangwe, mme mabone a lona a tuke.


A howa, a re: Ntate Abrahama, nkgauhele; o rome Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a tle a mphodise leleme; hobane ke utlwa bohloko bo boholo kgabong ena.


Ka baka leo, bonang kamoo le utlwang kateng; hobane ho tla newa ya setseng a ena le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a lekanyang hoba o na le sona.


Simone a araba, a re: Nthapelleng e le lona ho Morena, hore ke se ke ka welwa ke ntho le e nngwe ya tseo le di boletseng.


A re tshabeng ke hona, haele moo pallo ya ho kena phomolong ya wona e sa le teng, esebe e mong wa rona a ka bonahala hoba eka o haeletswe ke yona.


Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos