Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 5:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka baka leo, le jwale ha re sa tseba motho ka nama; esita le yena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, jwale ha re sa mo tseba ka mokgwa oo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ha ho le jwalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokgwa wa botho. Le haeba re ile ra tseba Kreste ka mokgwa wa botho, kajeno ha re sa mo tseba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Ka baka leo, ho tloha jwale ha re sa tseba motho ka nama;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ka baka leo, ho tloha jwale ha re sa tseba motho ka nama;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 5:16
19 Referencias Cruzadas  

A mo arapa, a re: Nke ke ka ya, empa ke tla kgutlela lefatsheng la heso, le ho banabeso.


Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;


Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.


Jesu a re ho yena: Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? Nako ya ka ha e eso ho tle.


Moya ke wona o phedisang: nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moya, e bile ke bophelo.


Le ahlola ka nama; nna ha ke ahlole motho.


Jwale he, erekaha ba bangata ba ithorisa ka nama, le nna ke tla ithorisa.


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


ya itseng bakeng sa ntatae le mmae: Ha ke a ka ka ba bona; mme ha ba tsebe banababo, leha e le bana ba hae ha a ba tsebe; hobane ba tiisitse lentswe la hao, mme ba bolokile selekane sa hao.


E seng hore le nna nka hloka seo nka ithorisetsang ka sona le nameng. Ekare ha e mong a lekanya hoba o na le sebaka sa ho ithorisetsa nameng, haholo ka nna eo.


Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.


Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.


Le hatakeletseng ka maoto mahlabelo a ka le diabelo tsa ka, tseo ke di laetseng tlung ya ka? O hlomphile bara ba hao ho fetisa nna, le tle le inontshe ka tse kgolo tsa dineo tsohle, tseo setjhaba sa ka sa Iseraele se ananelang ka tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos