Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 8:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 A araba, a re ho bona: Mme le banabeso ke bana ba utlwang lentswe la Modimo, mme ba le phetha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Empa a araba, a re ho bona: Mme le banabeso ke ba utlwang lentswe la Modimo, ba etsang ka lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Empa a ba araba, a re: “Bao e leng mme le bana beso, ke ba utlwang, ba phethang lentswe la Modimo.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 A araba, a re ho bona: Mme le banabeso ke bana ba utlwang lentswe la Modimo, mme ba le phetha.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:21
19 Referencias Cruzadas  

A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng.


Morena o tla araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Erekaha le etseditse e mong wa bana beso ba banyenyane bana, le entse ho nna.


Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a ka la nketsa jwalo.


Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang le bolelle banabeso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.


Empa e mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka pelo e ntle le e molemo, ba le boloka, mme ba beha ditholwana ka mamello.


A bolellwa ba bang, ha thwe: Mmao le bana beno ba eme kantle, ba rata ho o bona.


Haeba le tseba dintho tsena, le a thaba ha le di etsa.


Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.


Ka baka leo, ho tloha jwale ha re sa tseba motho ka nama;


Ke tla ba Ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho rialo Morena ya matla wohle.


Empa le be baphethi ba lentswe, e seng bautloi feela, le ntse le ithetsa.


Haeba le tseba hore o lokile, le tsebe hore e mong le e mong ya etsang ho loka o tswetswe ke yena.


Moratuwa, o se ke wa latela se sebe, o mpe o latele se molemo. Ya etsang botle ke wa Modimo, empa ya etsang bobe ha a eso bone Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios