Abnere, mora Nere, ba ena le bahlanka ba Ishe-Boshethe, mora Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone.
Joshua 18:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, ke Gibeone, Rama, Beerothe; BIBELE Metsana ya yona ke ena: Gibeone, le Rama, le Beerote, |
Abnere, mora Nere, ba ena le bahlanka ba Ishe-Boshethe, mora Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone.
Mora Saule o ne a na le banna ba le babedi, balaodi ba makgotla; e mong lebitso le hae e ne e le Baana, bitso la e mong e le Rekabe, e le bara ba Rimmone wa Beerothe, wa bana ba Benjamine. Ke ha Beerothe o se o balwa le metse ya Benjamine;
Baesha, morena wa Iseraele, a futuhela Juda; a haha Rama, hore ho se ke ha eba motho wa Asa, morena wa Juda, ya dumellwang ho tswa le ho kena.
Jehova a iponahatsa ho Salomone la bobedi, jwalokaha a ne a kile a iponahatsa ho yena Gibeone.
O se a fetile ka lekgalo; bosiu o bo hlola Geba; ba Rama ba tshohile, ba Gibea-Saule ba balehile.
Hobane Jehova o tla ema jwalokaha a entse thabeng ya Peratsime, o tla halefa jwalokaha a entse sekgutlong sa Gibeone, a tle a sebetse mosebetsi wa hae: mosebetsi wa hae ke o makatsang; a etse ketso ya hae: ketso ya hae ke e tsotisang.
Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.
Yare mantsiboya, ha tla monna ya ruileng wa Arimathea, lebitso la hae e le Josefa; le yena e ne e le morutuwa wa Jesu.
a tshoha haholo, hobane Gibeone e be e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, le hobane o ne o feta Ai ka boholo, le banna bohle ba teng e ne e le dinatla.
Moedi o ntoo leba Rama, ho isa le motseng o morako wa Tire; moedi o ya le Hosa, mme o ya fella lewatleng, ho tloha Helebe, ho isa Aksibe.
A atametsa methapo ya Juda, mme Modimo wa tshwara mothapo wa Sera; a atametsa monna ka mong wa mothapo wa Sera, mme Sabdi a tshwarwa.
Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.
Monga hae a re ho yena: Re ke ke ra fapohela motseng wa baditjhaba, oo e seng wa bana ba Iseraele; re tla mpe re fetele pele ho ya fihla Gibea.
A eketsa a re ho mohlanka wa hae: Tsamaya, re atamele o mong wa metse yane, re robale Gibea, kapa Rama.
Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe.
Ba tsoha e sa le hosasa, ba kgumamela Jehova, mme ba kgutla, ba boela hae ha habo, Rama. Teng Elkana a tseba Anna mosadi wa hae, mme Jehova a mo hopola.