Joshua 19 - Sesotho 1909/1961 (SO)Naha ya leloko la Simeone. 1 Karolo ya bobedi ya laolelwa Simeone, ke ho rea, leloko la bana ba Simeone ka matlo a bona; lefa la bona la eba hara lefa la bana ba Juda. 2 Lefeng la bona ha eba Beerseba, Sheba, Molada; 3 Hatsare-Shuale, Bala, Atseme; 4 Eltholade, Bethule, Horma; 5 Tsiklage, Bethe-Markabothe, le Hatsare-Susa; 6 Bethe-Lebaothe, le Sharuhene: ke metse e leshome le metso e meraro, le metsana ya yona. 7 Aine, Rimmone, Ethere, le Ashane: ke metse e mene le metsana ya yona. 8 Le metsana yohle e teetseng metse eo hare kahohle ho isa Baalathe-Beere, e leng Rama wa borwa. Ke leo lefa la leloko la bana ba Simeone, ka matlo a bona. 9 Lefa la bana ba Simeone la arolwa karolong ya bana ba Juda; hobane karolo ya bana ba Juda e ne e ba sita; ebile ke moo bana ba Simeone ba abetsweng lefa la bona lefeng la bao. Naha ya leloko la Sabulone. 10 Karolo ya boraro ya laolelwa bana ba Sabulone ka matlo a bona. 11 Moedi wa lefa la bona o fihla Saride; moedi wa bona hape o leba Mareala, nqa bophirimela, o fihla Dabbeshethe, o ya le nokeng e pela Jokneame. 12 Ha o tloha Saride, o pota ka nqa botjhabatsatsi naheng ya Kislothe-Thabore, o ntoo fetela Dabrathe, o nyolosetsa Jafia; 13 teng o fetela pele nqa botjhabela ho ya fihla Gittha-Hefere, le Ittha-Katsine, o ya le Rimmone, o ntoo pota ho isa Nea. 14 Moedi o boela o pota ka nqa leboya ho Hannathone, o ya fella sekgutlong sa Jiftha-Ele. 15 Hape, ke Katthathe, Nahalale, Shimrone, Jideala, le Bethlehema: ke metse e leshome le metso e mmedi le metsana ya yona. 16 Ke leo lefa la bana ba Sabulone ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona. Naha ya leloko la Issaskare. 17 Karolo ya bone ya laolelwa Issaskare, ke ho re, bana ba Issaskare ka matlo a bona. 18 Moedi wa bona o lebile Jisreele le Kesullothe, le Shuneme; 19 le Hafaraime, le Shione, le Anaharathe, 20 le Rabbithe, le Kishione, le Abetse, 21 le Remethe, le Ene-Gannime, le Ene-Kadda, le Bethe-Patsetse. 22 Moedi o ntoo fihla Thabore, le Shakatsima, le Bethe-Shemeshe; hape moedi wa bona o ya fella Jordane: ke metse e leshome le metso e tsheletseng le metsana ya yona. 23 Ke leo lefa la leloko la bana ba Issaskare ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona. Naha ya leloko la Asere. 24 Karolo ya bohlano ya laolelwa leloko la bana ba Asere ka matlo a bona. 25 Moedi wa bona ke Helkathe, le Hali, le Bethene, le Aksafe; 26 le Allammeleke, le Ameade, le Misheale; nqa bophirimela o ya fihla Karmele le Shikore-Libnathe. 27 Nqa botjhabatsatsi, o pota Bethe-Dagone, o fihla Sabulone, le sekgutlong sa Jiftha-Ele, nqa leboya ho Bethe-Emeke, le Nejele; o ntoo fetela Kabule ka ho le letshehadi; 28 le Ebrone, le Rehobe, le Hammone, le Kana, ho isa Sidone e moholo. 29 Moedi o ntoo leba Rama, ho isa le motseng o morako wa Tire; moedi o ya le Hosa, mme o ya fella lewatleng, ho tloha Helebe, ho isa Aksibe. 30 Hape, ke Umma le Afeke, le Rehobe: ke metse e mashome a mabedi a metso e mmedi le metsana ya yona. 31 Ke leo lefa la leloko la Asere ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona. Naha ya leloko la Nefthali. 32 Karolo ya botshelela ya laolelwa bana ba Nefthali, ke ho re, bana ba Nefthali ka matlo a bona. 33 Moedi wa bona o tloha Helefe, eikeng e pela Tsaanannime, le Adami-Nekebe, le Jabneele, ho isa Lakkume, o ntoo fella Jordane. 34 Moedi o boela o leba nqa bophirimela ho isa Asnothe-Thabore; o tloha teng ho ya fihla Hukkoke, o ya le Sabulone nqa borwa, mme o ya le Asere nqa bophirimela, le Juda, le Jordane nqa botjhabatsatsi. 35 Hape, metse e marako ke Tsiddime, Tsere, Hammathe, Rakkathe, le Kinnerethe; 36 Adama, Rama, Hatsore; 37 Kedeshe, Edrei, le Ene-Hatsore; 38 Jireone, Migdale-Ele, Horeme, Bethe-Anathe, le Bethe-Shemeshe: ke metse e leshome le metso e robileng mono o le mong le metsana ya yona. 39 Ke leo lefa la leloko la bana ba Nefthali ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona. Naha ya leloko la Dane. 40 Karolo ya bosupa ya laolelwa leloko la bana ba Dane, ka matlo a bona. 41 Moedi wa lefa la bona ke Tsorea, le Eshthaole, le Ire-Shemeshe, 42 le Shaalabbine, le Ajalone, le Jithla, 43 le Elone, le Thimnatha, le Ekrone, 44 le Eltheke, le Gibbethone, le Baalathe; 45 le Jehude, le Bene-Berake, le Gathe-Rimmone, 46 le Me-Jarkone le Rakkone, hammoho le naha e mabapa le Jafo. 47 Naha ya bana ba Dane ya boela ya tswela kantle ho moo e neng e le ha bona; hobane bana ba Dane ba ile ba futuhela Lesheme, ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, ba o rua, mme ba aha teng, ba bitsa Lesheme Dane ka lebitso la ntata bona, Dane. 48 Ke leo lefa la leloko la bana ba Dane ka matlo a bona; ke eo metse le metsana ya yona. Motse wa Thimnathe-Sera o newa Joshua. 49 Eitse hobane ba qetelle ho arola naha ho e etsa lefa la bona, ka meedi ya bona, bana ba Iseraele ba nea Joshua, mora Nune, lefa hara bona. 50 Ka taelo ya Jehova, ba mo nea motse oo a o kopileng, Thimnathe-Sera, thabeng ya Efraime; mme a haha motse, a dula teng. 51 Ke ao mafa ao moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune, le dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele ba a abileng ka lotho, Silo, pela Jehova, monyako wa tente ya pokano. Ba phetha jwalo ho aba naha. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa