Mabitso a meloko ke ana: Ho tloha pheletsong e ka nqa leboya ho isa pela tsela ya Hethlone, ho ya nqa Hamathe, le ho tloha Hatsare-Enone, moeding wa Damaseka ka nqa leboya ho ya fihla pela Hamathe, le ho nka botjhabela ho leba bophirimela, ke naha ya Dane.
Joshua a hlola fatshe leo lohle jwalo, le dithaba, le naha e ka nqa borwa, le mahwatata, le maralla, le marena wohle a teng; ha a ka a siya motho le a mong, a mpa a timetsa bohle ba phelang, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.
Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Mohlang oo, ba leloko la Dane ba ne ba ipatlela naha ya lefa eo ba ka ahang ho yona, hobane ba ne ba eso ho bone lefa la bona melokong ya Iseraele ho fihlela tsatsi leo.