Yaba banababo le bohle ba ntlo ya ntatae ba theoha ba mo tlosa, ba mo nka, mme ba mo pata lebitleng la Manowa ntatae, mahareng a Tsorea le Eshthaole. O ne a ahloletse Iseraele ka dilemo tse mashome a mabedi.
Bana ba Dane ba kgetha, hara bona bohle, banna ba bahlano ba bohale, ba bana ba Tsorea le Eshthaole, mme ba ba romela ho ya hlwela naha le ho e lekola. Ba re ho bona: Eyang, le lekole naha. Ba ya, ba ba ba fihla ha Mika, thabeng ya Efraime, mme ba robala teng bosiu.