Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 19:40 - BIBELE

40 Lotho la bosupa la tswa e le la bana ba morabe wa Dane, ho ya ka malapa abo bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Karolo ya bosupa ya laolelwa leloko la bana ba Dane, ka matlo a bona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 19:40
7 Referencias Cruzadas  

Bara ba Bileha, lekgabunyane la Ragele, ke Dane le Nafthali.


“Ana ke mabitso a merabe. Moedi wa naha ya Dane o tla tloha ka leboya, o ye lebopong la lewatle, ka tsela e lebang Hetelone, ha motho a eya Hamate le Hasere-Enane, o yo fihla moeding o ka leboya wa Damaseka, lekgalong la Hamate. Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela Dane o tla abelwa karolo e le nngwe ya naha.


Feela ba arolelwe naha ena ka lotho. Ba tla arolelwa naha ena ho ya ka mabitso a merabe ya bo-ntata bona.


Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.


Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Nafthali, le metse le metsana ya yona, ho ya ka malapa abo bona.


Moedi wa bona o ne o akaretsa Sora, le Eshetaole, le Ire-Shemeshe,


Mehleng eo Baiseraele ba ne ba se na kgosi. Ka yona nako eo, ba morabe wa Dane ba batla lefa la naha eo ba ka ahang ho yona, hobane ho fihlela ka nako eo, e ne e le bona feela, hara merabe ya Baiseraele, ba neng ba eso ka ba abelwa lefa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos