Mohlomong, Elisha a ya le Shuneme; ha bo ho le mosadi wa mofumahadi teng, a mo phehella ho ja bohobe. Enere ha a ntse a feta le teng, o ne a fapohela ha hae ho ja bohobe.
Ebile morena Jorame o kgutlela Jisreele ho phekolwa maqeba ao Basiria ba mo hlabileng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria, mme Akasia, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele, ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.
Morena Jorame o ne a kgutletse Jisreele, a ile ho phekoloa teng maqeba ao Basiria ba neng ba mo hlabile wona, mohla a lwantshang Hasaele, morena wa Syria. Jehu a re: Ha le hopola jwalo, ho se ke ha eba le a mong ya tswang motseng, leha e le ho thoba, ho ya tsebisa ba Jisreele.
Bana ba Josefa, ba re: Thaba e ke ke ya re lekana, hobane Bakanana kaofela ba dutseng lehwatateng ba na le makoloi a tshepe; ke ba Bethe-Sheane le metse ya teng, le ba lehwatateng la Jisreele.