Joshua 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)Naha ya leloko la Juda. 1 Naha e laoletsweng leloko la bana ba Juda, ka matlo a bona, ke ho ya moeding wa Edomo, lefeelleng la Tsine, nqa borwa; ke yona pheletso ya naha nqa borwa. 2 Moedi wa bona nqa borwa o ne o tloha phellong ya Lewatle la Letswai, koung e lebileng borwa, 3 ho ya fihla nqa borwa moepeng wa Akrabbime, ho tla Tsine; ka nqa borwa o nyolosetsa Kadeshe-Barnea, le ho tla Hetsrone, le ho nyolosetsa Addare, le ho pota Karkaa; 4 o ntoo feta Atsmone, le ho tswela pele ho isa molapong wa Egepeta, moo naha e fellang lewatleng. E tla ba wona moedi wa lona nqa borwa. 5 Nqa botjhabela, moedi e ne e le Lewatle la Letswai, ho isa makenellong a Jordane; nqa leboya, moedi o ne o tloha koung ya Lewatle la Letswai, moo Jordane e kenang teng. 6 Moedi oo o nyolosetsa Bethe-Hogla, o feta nqa leboya ho Bethe-Araba, mme moedi oo o nyolosetsa ho isa fikeng la Bohane, mora Rubene. 7 Moedi o nyolosetsa le Debire, ho tloha sekgutlong sa Akore; nqa leboya o lebile Gilgale o pela moepa wa Adummime, o nqa borwa ho noka; moedi o fetela pele ho fihla metsing a Ene-Shemeshe, o ye o felle Ene-Rogele. 8 Moedi o ntoo nyolosa ka kgohlo ya mora Hinnome, e nqa borwa ho Jebuse, e leng Jerusalema; moedi o ntoo nyolosetsa qhoweng ya thaba e mabapa le kgohlo ya Hinnome, nqa bophirimela, ho felleng ha kgohlo ya Refaime, nqa leboya. 9 Moedi o seha ho tloha qhoweng ya thaba ho isa sedibeng sa metsi a Nefthoa, o fihle metseng ya thaba ya Efrone; o ntoo lebiswa Baala, e leng Kiryathe-Jearime. 10 Moedi hape o pota ho tloha Baala, nqa bophirimela, ho isa thabeng ya Seire, o fetele pele mothating wa thaba ya Jearime, e leng Kesalone, nqa leboya, mme o theosetse Bethe-Shemeshe, o ntoo feta ka Thimna. 11 Moo, moedi o fetela pele mabapa le Ekrone, nqa leboya; moedi o ntoo leba Shikrone, o fetele pele ka thaba ya Baala, o ye ho fihla Jabneele, o ntoo fella lewatleng. 12 Haele moedi wa nqa bophirimela, e ne e le Lewatle le Leholo ka lebopo la lona. Ke oo moedi wa bana ba Juda ka nqa tsohle, ka matlo a bona. 13 Kalebe yena, mora Jefunne, a newa kabelo hammoho le bana ba Juda, jwalokaha Jehova a ne a laetse Joshua, a newa motse wa Arba, ntata Anake; ke wona Hebrone. 14 Kalebe a leleka teng bara ba bararo ba Anake, Sheshai, le Akimane, le Talmai, bana ba Anake. 15 A ntoo tloha teng ho ya lwantsha ba ahileng Debire; bitso la pele la Debire e ne e le Kiryathe-Sefere. 16 Kalebe a re: Ya tla kena Kiryathe-Sefere, a o nke, ke tla mo nea Aksa, moradi wa ka, e tle e be mosadi wa hae. 17 Ebile Othniele, mora Kenase, ngwanabo Kalebe, o a o kena; mme a mo nea Aksa, moradi wa hae, ya eba mosadi wa hae. 18 Mme ha a tlile ho monna wa hae, a mo phehella hore a kope tshimo ho ntatae; ebile Aksa o theoha hodima esele ya hae kapele, mme Kalebe a re ho yena: O batlang? 19 A re: Nnee mpho, hobane o nneile naha nqa borwa; nnee le didiba tsa metsi. A mo nea didiba tse kahodimo le tse katlase. 20 Ke lena lefa la leloko la bana ba Juda ka matlo a bona: 21 Metse e phethellang naha ya leloko la bana ba Juda, moeding wa Edomo, nqa borwa, ke Kabtseele, Edere, Jagure; 22 Kina, Dimona, le Adada; 23 Kedeshe, Hatsore, Ithnane; 24 Sife, Theleme, le Bealothe; 25 Hatsore-Hadattha, le Keryothe-Hetsrone, e leng Hatsore; 26 Amame, Shema, Molada; 27 Hatsare-Gadda, Heshmone, Bethe-Palethe; 28 Hatsare-Shuale, Beerseba, Bisyothia; 29 Baala, Ijime, le Atseme; 30 Eltholade, Kesile, Horma; 31 Tsiklage, Madmanna, Sansanna; 32 Lebaothe, Shilhime, Aine, le Rimmone: metse eo yohle e mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong, le metsana ya yona. 33 Lehwatateng, ke Esthaole, Tsorea, Ashna, 34 Sanoa, Ene-Gannime, Tapqua, Ename; 35 Jarmuthe, Adullame, Soko, Aseka; 36 Shaaraime, Adithaime, Gedera, le Gederothaime: ke metse e leshome le metso e mene, le metsana ya yona. 37 Tsenane, Hadasha, Migdale-Gade; 38 Dileane, Mitspe, Joktheele, 39 Lakishe, Botskathe, le Eglone; 40 Kabbone, Lakmase, Kithlishe; 41 Gederothe, Bethe-Dagone, Naama, le Makkeda; metse eo e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya eona; 42 Libna, Ethere, Ashane, 43 Jiftah, Ashna, Netsibe; 44 Keila, Aksibe, le Maresha: ke metse e robileng mono o le mong, le metsana ya yona. 45 Ekrone le metse ya teng le metsana ya yona, 46 ho tloha Ekrone ho isa lewatleng, naha yohle e pela Ashdode, le metsana ya yona; 47 Ashdode, le metse ya teng le metsana ya yona; Gasa le metse ya teng le metsana ya yona, ho isa molapong wa Egepeta le Lewatleng le Leholo, lebopong la lona. 48 Dithabeng, ke Shamire, Jatthire, Soko; 49 Danna, Kiryathe-Sanna, e leng Debire; 50 Anabe, Eshthemo, le Anime; 51 Goshene, Holone, le Gilo; ke metse e leshome le motso o mong, le metsana ya yona. 52 Arabe, Duma, Esheane, 53 Janume, Bethe-Tappua, le Afeka; 54 Humta, Kiryath-Arba, e leng Hebrone, le Tsiore: ke metse e robileng mono o le mong le metsana ya yona. 55 Maone, Karmele, Sife, Juta; 56 Jisreele, Jokdeame, Sanoa, 57 Kaine, Gibea, le Thimna: ke metse e leshome le metsana ya yona. 58 Halhule, Bethe-Tsure, Gedore; 59 Maarathe, le Beth-Anothe, le Elthekone: ke metse e tsheletseng le metsana ya yona. 60 Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, le Rabba: ke metse e mmedi le metsana ya yona. 61 Lefeelleng ke Beth-Araba, Middine, Sekaka, 62 Nibshane, Ire-Hammela, le Ene-Gedi: ke metse e tsheletseng le metsana ya yona. 63 Haele Bajebuse ba neng ba ahile Jerusalema, bana ba Juda ba sitwa ho ba leleka; Bajebuse ba ahile ke hona le bana ba Juda, Jerusalema, ho fihlela kajeno. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa