Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 15:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Moedi hape o pota ho tloha Baala, nqa bophirimela, ho isa thabeng ya Seire, o fetele pele mothating wa thaba ya Jearime, e leng Kesalone, nqa leboya, mme o theosetse Bethe-Shemeshe, o ntoo feta ka Thimna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Jwale moedi o thinyetse ka bophirimela ho Baala, ho ya fihla thabeng ya Seire, ebe o fetela leropong le ka leboya la thaba ya Jearime — ke yona Kesalone — wa theosa ho ya fihla Bete-Shemeshe, wa ya feta Timina.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 15:10
12 Referencias Cruzadas  

Davida a tloha, a ena le setjhaba sohle seo a nang le sona, a ya Baale-Juda, ho lata areka ya Modimo teng, eo lebitso la Jehova wa makgotla ya dutseng pakeng tsa dikerubime le bitswang ho yona.


Amatsia a mpa a se ke a mamela. Ebile Joase, morena wa Iseraele, o tswela ho yena, mme ba bonana difahleho le Amatsia, morena wa Juda, Bethe-Shemeshe wa Juda.


Le bona Bafilesta ba ne ba futuhetse metse e lehwatateng le ka nqa borwa ho Juda, ba hapa Bethe-Shemeshe, le Ajalone, le Gederothe, le Shoko le metsana ya teng, le Thimna le metsana ya teng, le Gimso le metsana ya teng, mme ba aha ho yona.


Moo, moedi o fetela pele mabapa le Ekrone, nqa leboya; moedi o ntoo leba Shikrone, o fetele pele ka thaba ya Baala, o ye ho fihla Jabneele, o ntoo fella lewatleng.


Kaine, Gibea, le Thimna: ke metse e leshome le metsana ya yona.


Jireone, Migdale-Ele, Horeme, Bethe-Anathe, le Bethe-Shemeshe: ke metse e leshome le metso e robileng mono o le mong le metsana ya yona.


le Aine le meraka ya wona, le Jutta le meraka ya wona, le Bethe-Shemeshe le meraka ya wona: metse e robileng mono o le mong melokong eo e mmedi.


Samsone a theohela Thimna, a bona mosadi hara baradi ba Bafilesta, Thimna.


Ha ho le jwalo, Samsone a theohela Thimna, a ena le ntatae le mmae; ba re ba sa fihla masimong a merara a Thimna, bonang, tawana ya teana le yena e puruma.


Ha le bona hobane e ya Bethe-Shemeshe, ka tsela ya habo yona, etlaba ke yena ya re hlahiseditseng kotsi ena e kgolo; ha ho se jwalo, re tla tseba hobane hase letsoho la hae le re otlileng, empa e le taba e re hlahetseng feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos