Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 15:10 - BIBELE

10 Jwale moedi o thinyetse ka bophirimela ho Baala, ho ya fihla thabeng ya Seire, ebe o fetela leropong le ka leboya la thaba ya Jearime — ke yona Kesalone — wa theosa ho ya fihla Bete-Shemeshe, wa ya feta Timina.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Moedi hape o pota ho tloha Baala, nqa bophirimela, ho isa thabeng ya Seire, o fetele pele mothating wa thaba ya Jearime, e leng Kesalone, nqa leboya, mme o theosetse Bethe-Shemeshe, o ntoo feta ka Thimna.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 15:10
12 Referencias Cruzadas  

a ema, a tsamaya le setjhaba sohle se neng se ena le yena. O ne a eya Baala e Juda, ho ya lata areka ya Modimo hona teng, e nang le lebitso, e leng lebitso la Morena wa mabotho, ya dutseng hodima dikerubime.


Empa Amasiya a se ke a mo mamela. Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda.


Le Bafilesita ba ne ba se ba futuhetse metse e ka mabalane, le e ka borwa ho naha ya Juda, ba hapile Bete-Shemeshe, le Aiyalone, le Gederote, le Soko le metsana ya yona, le Timina le metsana ya yona, le Gimeso le metsana ya yona, mme ba se ba ahile moo.


Moedi ona wa leba leropong la Ekerone le ka leboya, wa sehwa ho ya fihla Shikarone, wa fetela thabeng ya Baala, wa fetela le Jabeneele, wa ya fella lewatleng.


le Kaine, le Gibea, le Timina. Metse ena e ne e le leshome, le metsana ya yona.


le Jirone, le Migedale-Ele, le Horeme, le Bete-Anate, le Bete-Shemeshe. E ne e le metse e leshome le metso e robong, le metsana ya yona.


le Aine le makgulo a yona, le Juta le makgulo a yona, le Bete-Shemeshe le makgulo a yona. Ya eba metse e robong, e tswang merabeng eo e mmedi.


Samosone a theohela Timina, mme ha a le hona teng a kgahlwa ke morwetsana e mong wa barwetsana ba Bafilesita.


Jwale Samosone a theohela Timina a ena le batswadi ba hae. Ha ba fihla masimong a morara a Timina, tawana ya purumela Samosone.


Jwale le shebe! Haeba areka e nyolosa ka mmila o yang Bete-Shemeshe, naheng ya habo yona, e tla ba ke Modimo he, ya re etseditseng koduwa ena e kgolo, empa haeba ho se jwalo, re tla tseba hore hase Modimo ya re bolaileng, ke ntho e re hlahetseng e ne e sa rerwa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos