Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 1:1
21 Referencias Cruzadas  

Jeroboame, mora Nebathe, Moefrata wa Tsereda, mohlanka wa Salomone, le yena a kwenehela morena. Mmae e ne e le Tserua, mosadi wa mohlolohadi.


Akitube a tswala Tsadoke, Tsadoke a tswala Shallume,


Bara ba Kehathe ke Amminadabe, mora wa hae, le Kore, mora wa hae, le Assire, mora wa hae,


Ba neng ba tshwara tshebetso eo hammoho le bana ba bona, ho bara ba Bakehathe e ne e le sebini Hemane, mora Joele, mora Samuele,


mora Elkana, mora Jerohame, mora Eliele, mora Thowa,


Yare mantsiboya, ha tla monna ya ruileng wa Arimathea, lebitso la hae e le Josefa; le yena e ne e le morutuwa wa Jesu.


Le yena Eleasare, mora Aarone, a shwa; mme ba mo pata leralleng la Finease, mora hae, leo a neng a le neilwe thabeng ya Efraime.


Bagileade ba raka Baefraime, ba tshwara madiboho a Jordane: mme enere ha e mong wa Baefraime ba balehang a re: Ntloheleng ke tshele, banna ba Gileade ba ne ba re: Na o Moefraime na? Eo o ne a re: Tjhe!


Monna e mong o ne a le teng thabeng ya Efraime, bitso la hae e le Mika.


Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Ka mohlomong, monna wa Molevi ya neng a aheletse letswapong la thaba ya Efraime, a inkela mosadi wa serethe Bethlehema-Juda.


O ne a dula tlasa sefate sa palema sa Debora, mahareng a Rama le Bethele, thabeng ya Efraime. Bana ba Iseraele ba ne ba nyolohela ho yena ho ya ahlolelwa teng.


Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, bitso la mosadi wa hae e le Naomi; mabitso a bara ba hae ba babedi e ne e le Mahalone le Kilione; e ne e le ba Efrata ba Bethlehema-Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba ahella teng.


Obede a tswala Jese, Jese a tswala Davida.


Ba tsoha e sa le hosasa, ba kgumamela Jehova, mme ba kgutla, ba boela hae ha habo, Rama. Teng Elkana a tseba Anna mosadi wa hae, mme Jehova a mo hopola.


Haele Davida, e ne e le mora Moefrata eo wa Bethlehema wa Juda, eo lebitso la hae e leng Jese; o ne a na le bara ba robileng meno e le mmedi; e ne e se e le monna ya tsofetseng hara banna ba bang mehleng ya Saule.


Ebile Elkana o boela Rama tlung ya hae; ngwana yena a sala a sebeletsa Jehova pela moprista Eli.


O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.


Ebile o ya le thaba ya Efraime, a ntoo ya le naha ya Shalisha, ba mpa ba se ke ba di fumana; ba ntoo ya le naha ya Shaalime; le teng tsa eba siyo; hape ba ya le naha ya Benjamine, ba se ke ba di bona.


Ha ba fihla naheng ya Tsufe, Saule a re ho mohlanka wa hae eo ba nang le yena: A re kgutle, e se be ntate a lebala diesele, mme a belaela bakeng sa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos