Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 1:1 - BIBELE

1 Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 1:1
21 Referencias Cruzadas  

Jeroboame, mora wa Nebate, Moefraime wa Sereda, mohlanka wa Solomone, le yena a fetohela kgosi Solomone. Lebitso la mmae e ne e le Serua, mosadi wa mohlolohadi.


Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Shalome,


Bara ba Kohate: Kohate a tswala Aminadabe, Aminadabe a tswala Kora, Kora a tswala Asire,


Bana ke bona banna ba neng ba sebeletsa, hammoho le bara ba bona: Ba morabe wa Kohate: Hemane wa kgeleke ke mora wa Joele, setloholo sa Samuele,


Samuele mora wa Elekana, Elekana mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Eleele, Eleele mora wa Towa,


Mantsiboya ha tla monna wa morui ya bitswang Josefa wa Arimathea, eo le yena e neng e le morutuwa wa Jesu.


Le Eleasare, mora wa Arone, a shwa. Ba mo epela Gibea, motseng wa mora wa hae Finease, oo a neng a o newe, o naheng e maralla ya Efraime.


Bagileade ba hapa madiboho a Jorodane ho thibela ba morabe wa Efraime, mme e ne e ye ere ha e mong wa ba morabe wa Efraime, ba phonyohileng, a re: “Ntumelleng ke tshele,” ebe banna ba Gileade ba re ho yena: “Na o wa morabe wa Efraime?” Ha a re: “Tjhe,”


Ho ne ho ena le monna ya neng a phela naheng e maralla ya Efraime, lebitso la hae e le Mmika.


Ka nako yona eo, ha Baiseraele ba ntse ba se na kgosi, Molevi e mong ya neng a jakile ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, a inkela mosadi wa lefielo motseng wa Betlelehema e Juda.


Debora o ne a ye a dule tlasa sefate sa hae sa palema, pakeng tsa Rama le Bethele, naheng e maralla ya Efraime. Bana ba Iseraele ba ne ba ye ba ye ho yena ho ya ahlolelwa.


Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, mosadi wa hae e le Naomi, bara ba hae e le Mahelone le Kilejone. E ne e le Baeferata ba tswang Betlelehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba aha teng.


Obede a tswala Jese, mme Jese a tswala Davida.


Bo-Elekana le Anna ba tsoha ka madungwadungwana, ba kgumamela Morena, ba kgutla, mme ba fihla tlung ya bona e Rama. Elekana a kena dikobong tsa Anna, mohatsa hae, mme Morena a mo hopola.


Davida e ne e le mora wa Moeferata wa Betlelehema e Juda, eo lebitso la hae e neng e le Jese, ya neng a ena le bara ba robedi. Mehleng ya Saule, Jese o ne a se a tsofetse, e le e mong wa maqheku.


Elekana a kgutlela Rama, tlung ya hae, mme moshanyana a sala a sebeletsa Morena, kapele ho moprista Eli.


O ne a ye a kgutlele Rama, hobane ke moo a neng a ahile teng, mme a ahlolele Baiseraele hona teng. Hona moo a hahela Morena aletare.


Saule a feta hara naha ya Efraime e maralla, a feta le hara naha ya Shalesha, empa ba se ke ba di fumana. Yaba ba feta hara naha ya Shaaleme, mme le moo tsa eba siyo. A feta le hara naha ya morabe wa Benjamine, empa le teng a se ke a di fumana.


Ha ba se ba fihlile naheng ya Sufe, Saule a re ho mohlanka wa hae, ya neng a ena le yena: “Tloo, re kgutle, esere ntate a tlohela ho nahana ditonki tse lahlehileng, yaba o tshwenyeha ka baka la rona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos