Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 1:2 - BIBELE

2 O ne a ena le basadi ba babedi. Lebitso la wa pele e ne e le Anna, la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a ena le bana, empa Anna yena o ne a se na bana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O ne a ena le basadi ba le babedi, lebitso la e mong e le Anna, lebitso la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a na le bana, Anna yena e ne e le nyopa.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 1:2
13 Referencias Cruzadas  

Sarai e ne e le nyopa, a se na ngwana.


Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana.


Ha Morena a bona hore Lea ha a ratwe, a mo fa thari, empa Ragele ya eba nyopa.


Lameke a nyala basadi ba babedi: lebitso la e mong e ne e le Ada, la e mong e le Silla.


Yaba Lameke o re ho basadi ba hae: “Ada le Silla, utlwang lentswe la ka; lona basadi ba Lameke, mamelang polelo ya ka: ke bolaile motho ya mpatileng leoma, le mohlankana ya nteteditseng.


A re ho bona: “Ka baka la bothata ba dipelo tsa lona, Moshe o ile a le dumella ho hlala basadi ba lona, empa tshimolohong ho ne ho se jwalo.


Feela ba ne ba se na ngwana, hobane Elisabetha e ne e le nyopa, mme bobedi ba bona ba ne ba se ba hodile.


Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, ya bitswang Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere. Anna eo o ne a se a tsofetse haholo, a ile a phela le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae.


Ho ne ho ena le monna ya bitswang Manowa, ya neng a ahile Sora. E ne e le wa morabe wa Dane. Mosadi wa hae e ne e le nyopa.


Gideone a ba le bara ba mashome a supileng, ba tswetsweng ke yena, hobane o ne a nyetse basadi ba bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos