Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 9:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, mme ka letsatsi la boraro ba fihla metseng ya setjhaba sena. Metse ya sona e ne e le Gibeone, le Kefira, le Beerote, le Kiriate-Jearime.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 9:17
24 Referencias Cruzadas  

Mora Saule o ne a na le banna ba le babedi, balaodi ba makgotla; e mong lebitso le hae e ne e le Baana, bitso la e mong e le Rekabe, e le bara ba Rimmone wa Beerothe, wa bana ba Benjamine. Ke ha Beerothe o se o balwa le metse ya Benjamine;


le Jishmaia wa Gibeone, senatla se seholo hara ba mashome a mararo, e le motsamaisi wa ba mashome a mararo, le Jeremia, le Jahasiele, le Johanane, le Josabade wa Gedera;


Bara ba Kalebe, mora Hure, letsibolo la Efrata, ke bana: ke Shobale ntata Kiryathe-Jearime,


Shobale, ntata Kiryathe-Jearime, o ne a na le bara: ke Harowe le Hatsi-Hammenuhothe.


Masika a Kiryathe-Jearime ke Bajethre, Baputhe, Bashumathe, le Bamishrae; ho bona ho tswile Batsoreathe le Baeshtaole.


Motsotsong oo, tabernakele ya Jehova, e na beng e entswe ke Moshe nahathothe, le aletare ya ditjheso, di ne di le nqalong e phahameng ya Gibeone;


bana ba Kiryath-Arime, le Kefira, le Beerothe ba makgolo a supileng a mashome a mane a metso e meraro;


banna ba Kiryathe-Jearime le Kefira le Beerothe ba makgolo a supileng a mashome a mane a metso e meraro;


Le hona motho o ne a le teng ya porofetang ka lebitso la Jehova, e leng Uria, mora Shemaia, wa Kiryathe-Jearime; o ne a ntse a porofeta bakeng sa motse wona le sa fatshe lena, kahohle jwaloka mantswe a Jeremia.


a tshoha haholo, hobane Gibeone e be e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, le hobane o ne o feta Ai ka boholo, le banna bohle ba teng e ne e le dinatla.


Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, le Rabba: ke metse e mmedi le metsana ya yona.


Moedi o seha ho tloha qhoweng ya thaba ho isa sedibeng sa metsi a Nefthoa, o fihle metseng ya thaba ya Efrone; o ntoo lebiswa Baala, e leng Kiryathe-Jearime.


Nqa bophirimela, moedi o ya pele, ebe o leba nqa borwa ho tloha thabeng e pela Bethe-Horone, nqa borwa o ye ho fella pela Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, motse wa bana ba Juda; ke moedi ka nqa bophirimela.


Nqa borwa, o tloha phellong ya Kiryathe-Jearime; moedi o ntoo fetela nqa bophirimela, o ya mohloding wa metsi a Nefthowa.


Matsatsi ha a le mararo ba hlabile selekane le bona, ba utlwa hore ke ba ahisaneng le bona, le hore ba ahile haufi le bona.


Bana ba Iseraele ha ba ka ba ba bolaya, kahobane dihlooho tsa phutheho di ne di ba hlapanyeditse ka Jehova, Modimo wa Iseraele; empa phutheho yohle ya duma-duma ka dihlooho.


Empa ba ahileng Gibeone, ha ba utlwa kamoo Joshua a entseng ka Jeriko le Ai kateng,


Ba re ho yena: Bahlanka ba hao ba tswa naheng e holehole, ka baka la lebitso la Jehova, Modimo wa hao; etswe re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta;


Ba nyoloha, ba ya emisa Kiryathe-Jearime, Juda; ka baka leo, bitso la teng ya eba Mahane-Dane (diahelo tsa Dane), ho fihlela kajeno. Ke kamora Kiryathe-Jearime.


Ha ho le jwalo, ba romela manqosa ho ba ahileng Kiryathe-Jearime, ba re: Bafilesta ba busitse areka ya Jehova; theohang, le itatele yona.


Ebile banna ba Kiryathe-Jearime ba tla, ba lata areka ya Jehova, ba e isa tlung ya Abinadabe, e leralleng, mme ba kgetha Eleasare mora wa hae, hore a boloke areka ya Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos