Joshua 18 - Sesotho 1909/1961 (SO)Naha ya leloko la Benjamine. 1 Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona. 2 Empa ho ne ho setse meloko e supileng ya bana ba Iseraele e esong ho abelwe mafa a yona. 3 Ebile Joshua o re ho bana ba Iseraele; Le tla tswafa ho isa kae ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neileng lona? 4 Ntshang banna ba bararo lelokong le leng le le leng, ke tle ke ba rome, ba tlohe, ba ye le naha, ba e lekanye ho e etsa lefa, ba ntoo boela ho nna. 5 Ba tla e arola dikarolo tse supileng. Bajuda bona ba tla dula naheng ya bona nqa borwa; ba ntlo ya Josefa le bona ba dule naheng ya bona nqa leboya. 6 Lona, lekanyang karolo tse supileng tsa naha, le ntoo tlisa ditaba mona ho nna, ke tle ke le laolele mona pela Jehova, Modimo wa rona. 7 Haele Balevi, ha ba na kabelo le lona, etswe boprista ba Jehova e le lefa la bona; Bagade le Barubene le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba se ba nkile mafa a bona mose wane wa Jordane nqa botjhabela, e leng ao Moshe, mohlanka wa Jehova, a ba neileng wona. 8 Ebile banna bao ba tloha, ba tsamaya. Joshua a laela ba yang ho lekanya naha, a re: Tlohang, le ye le naha, le e lekanye, le ntoo boela ho nna, ke tle ke le laolele mona Silo, pela Jehova. 9 Ebile banna bao ba tloha, ba ya le naha, ba lekanya metse ya yona ho e etsa dikarolo tse supileng, ba e ngola bukeng, ba ntoo boela ho Joshua, diahelong tse Silo. 10 Moo Silo, Joshua a ba laolela pela Jehova; mme Joshua a abela bana ba Iseraele naha ka dikarolo tsa bona. 11 Kabelo e laoletsweng leloko la bana ba Benjamine ya eba ka matlo a bona; naha eo ba e laoletsweng ya eba mahareng a bana ba Juda le bana ba Josefa. 12 Nqa leboya, moedi wa bona o tloha Jordane; moedi o boela o leba mabapa le Jeriko nqa leboya, o nyolosetsa thabeng, nqa bophirimela, mme o ya fella feelleng la Beth-Avene. 13 Moedi ha o tloha teng, o leba Luse; haufi le Luse ke Bethele, nqa borwa; moedi o ntoo theosetsa Atharoth-Addare, haufi le thaba e nqa borwa ho Bethe-Horone ya katlase. 14 Nqa bophirimela, moedi o ya pele, ebe o leba nqa borwa ho tloha thabeng e pela Bethe-Horone, nqa borwa o ye ho fella pela Kiryathe-Baale, e leng Kiryathe-Jearime, motse wa bana ba Juda; ke moedi ka nqa bophirimela. 15 Nqa borwa, o tloha phellong ya Kiryathe-Jearime; moedi o ntoo fetela nqa bophirimela, o ya mohloding wa metsi a Nefthowa. 16 Moedi o ntoo theosetsa nkong ya thaba e pela kgohlo ya mora Hinnome e sekgutlong sa Barefaime, nqa leboya; o boela o theosa kgohlo ya Hinnome mabapa le Bajebuse, nqa borwa: jwale, o theosetsa Ene-Rogele. 17 O ya pele nqa leboya, o fetela Ene-Shemeshe o ntoo fetela Gelilothe o mabapa le moepa wa Adummime; o boela o theosetsa lefikeng la Bohane, mora Rubene. 18 O ntoo fetela pele ho ya mabapa le lehwatata nqa leboya; teng o theosetsa lehwatateng. 19 Jwale, moedi o fetela ho ya mabapa le Bethe-Hogla, nqa leboya, mme moedi o ya fella koung ya leboya ya Lewatle la Letswai, makenellong a Jordane nqa borwa: ke oo moedi wa borwa. 20 Jordane ke moedi wa teng nqa botjhabela. Ke lona lefa la bana ba Benjamine ka meedi ya lona ka nqa tsohle, ka matlo a bona. 21 Metse ya leloko la Benjamine ka matlo a bona ke Jeriko, Bethe-Hogla, Emeke-Ketsitse, 22 Bethe-Araba, Tsemaraime, Bethele, 23 Avvime, Ofra, 24 Kefar-Ammonai, Ofni, le Geba: ke metse e leshome le metso e mmedi le metsana ya yona. 25 Hape, ke Gibeone, Rama, Beerothe; 26 Mitspe, Kefira, Motsa, 27 Rekeme, Jirpeele, le Thareala; 28 Tsela, Elefe le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeathe, le Kiryathe: ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ke leo lefa la Babenjamine ka matlo a bona. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa