Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 18:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Nqa leboya, moedi wa bona o tloha Jordane; moedi o boela o leba mabapa le Jeriko nqa leboya, o nyolosetsa thabeng, nqa bophirimela, mme o ya fella feelleng la Beth-Avene.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ka lehlakoreng le ka leboya moedi wa bona o ne o tloha nokeng ya Jorodane, o nyolosetsa lehlakoreng la Jeriko le ka leboya, o nyolose hara naha e maralla, ka bophirimela, o yo fella lehwatateng la Bete-Afene.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 18:12
11 Referencias Cruzadas  

Bakeng sa namane ya Bethe-Avene, baahi ba Samaria ba tshohile; e, setjhaba sa teng se a e llela, le baprista ba yona ba tlakasela bakeng sa yona, ka baka la kganya ya yona, hobane e tlohile ho yona.


Ha ho feba wena, Iseraele, Juda yena a se ke a seba! Le se ke la ya Gilgale, le se ke la etela Bethe-Avene; le se ke la ana ka ho re: Ka Jehova ya utlwang!


Letsang phala Gibea, le letse terompeta Rama; hlabang mokgosi Bethe-Avene. Sera se kamora ho wena, Benjamine!


Naha e laoletsweng bana ba Josefa, moedi wa yona o ne o tloha Jordane mabapa le Jeriko, ho isa metsing a Jeriko nqa botjhabela le lefeelleng le nyolosetsang thabeng ya Bethele ho tswa Jeriko;


Kabelo e laoletsweng leloko la bana ba Benjamine ya eba ka matlo a bona; naha eo ba e laoletsweng ya eba mahareng a bana ba Juda le bana ba Josefa.


Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko. Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.


metsi a theohang, a tswang hodimo, a ema, mme a etsa qubu ho isa holehole, haufi le Adama, motse o pela Tsarthane, mme metsi a mathelang Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, a kgaolwa ka mokgwa o phethehileng; mme setjhaba sa tshela mabapa le Jeriko.


Motse wa Jeriko o ne o kwetswe, o haheleditswe ke ho tshaba bana ba Iseraele; ho ne ho se motho ya tswang, leha e le ya kenang.


Joshua ha a le Jeriko, a romela banna Ai, e haufi le Beth-Avene, ka nqa botjha-bela ho Bethele, a ba bolella, a re: Eyang le hlwele lefatshe. Banna bao ba ya, ba hlwela Ai.


Joshua le Baiseraele bohle ba etsa jwaloka hoja eka ba hlotswe ke bona, ba baleha ka tsela e yang lefeelleng.


Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos