Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 18:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Moedi o ntoo theosetsa nkong ya thaba e pela kgohlo ya mora Hinnome e sekgutlong sa Barefaime, nqa leboya; o boela o theosa kgohlo ya Hinnome mabapa le Bajebuse, nqa borwa: jwale, o theosetsa Ene-Rogele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Jwale moedi o theohele qetheng ya thaba e malebana le kgohlo ya Mora wa Hinome, e ka leboya ho kgohlo ya Refaime. Ho tloha moo o theohele kgohlong ya Hinome, lehlakoreng le ka borwa ho Bajebuse, o be o theohele Sedibeng sa Rogele.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 18:16
19 Referencias Cruzadas  

Haele Jonathane le Akimaatse, ba ne ba eme Ene-Rogele. Morwetsana a ya, a ba bolella hore ba ye, ba tsebise morena Davida. Hobane ba ne ba tshaba ho bonwa ha ba kena motseng.


Bafilesta ha ba fihla, ba rasa kgohlong ya Barefaime.


Adonija a hlabaka dinku le dikgomo le tse nonneng lefikeng la Sohelethe, le pela Ene-Rogele, a bitsa banababo bohle bao e leng bara ba morena, le banna bohle ba Juda, bahlanka ba morena.


Hape, a silafatsa Tofethe, sekgutlong sa bana ba Hinnome, hore ho se ka ha hlola ho eba motho ya tjhesang mora hae leha e le moradi wa hae, ho mo kgethela Moloke.


Bafilesta ba ne ba fihlile, mme ba ne ba rasa kgohlong ya Barefaime.


A tjhesa dibano kgohlong ya bana ba Hinnome, a tjhesa bara ba hae mollong, ka ho ya ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di faladitse pela bana ba Iseraele.


A tjhesa le bara ba hae ka mollo kgohlong ya bana ba Hinnome, mme a etsa bonohe, le bolao, le boloi, a bea ba bitsang bafu, le dinohe; a nna a etsa tsohle tse mpe mahlong a Jehova, ho mo halefisa ka tsona.


Hobane e se e le kgale Tofethe e lokisitswe, e lokiseditswe morena; e sekoti, e ahlamile; patsi e ngata le mollo di bokelletswe teng; phefumoloho ya Jehova, e kang noka ya sebabole, e tla di hotetsa.


o ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke tla pshatla setjhaba sena le motse wona jwalo, jwalokaha ho pshatlwa pitsa ya mmopi, eo e sa tlo ka e kopanngwa. Mme ho tla patwa ditopo Tofethe, ka ho hloka sebaka moo ho patwang teng.


o tswele kgohlong ya mora Hinnome e pela monyako wa Mangeta, o bolele teng mantswe ao ke tla o bolella wona;


ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho ya tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba bitsa nqalo ena Tofethe ka wona, leha e le kgohlo ya mora Hinnome, ba mpa ba tla e bitsa kgohlo ya polao.


Ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng, kgohlong ya mora Hinnome, ba tle ba tjhesetse Moloke bara ba bona le baradi ba bona teng; e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka, hore ba nne ba etse manyala a jwalo ho sitisa Juda.


Haele Bajebuse ba neng ba ahile Jerusalema, bana ba Juda ba sitwa ho ba leleka; Bajebuse ba ahile ke hona le bana ba Juda, Jerusalema, ho fihlela kajeno.


Tsela, Elefe le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeathe, le Kiryathe: ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ke leo lefa la Babenjamine ka matlo a bona.


Haele bana ba Benjamine, ha ba ka leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema; ka baka leo, Bajebuse ba nna ba aha Jerusalema le bana ba Benjamine ho fihlela kajeno.


Yaba bana ba Juda ba futuhela Jerusalema, ba o kena; ba bolaya baahi ba teng ka bohale ba lerumo, mme ba tjhesa motse.


Empa monna a hana ho robala teng bosiu, a ba a ema, a tsamaya, mme a fihla pela Jebuse, e leng Jerusalema, a ena le diesele tse pedi tse belesitseng, le sona serethe sa hae se le ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos