Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 18:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Lona, lekanyang karolo tse supileng tsa naha, le ntoo tlisa ditaba mona ho nna, ke tle ke le laolele mona pela Jehova, Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Naha ena le e arole ka dikarolo tse supileng, ebe le ntlisetsa seo le se ngotseng, mme ke tla le etsetsa lotho mona, kapele ho Morena Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 18:6
11 Referencias Cruzadas  

a re: Ke tla o nea lefatshe la Kanana, e be kabelo ya lefa la lona.


Lotho e pjatlanngwa kobong; empa se bolelwang ke yona se tsejwa ke Jehova feela.


Lotho e fedisa dikgang, e arola le tsa ba baholo.


Le tla arolelana naha ka lotho, ka palo ya matlo a lona: ba leng bangata, le tla ba nea karolo e kgolo, mme ba seng bakae le tla ba nea karolo e nyenyane. E mong le e mong o tla rua seo a se abetsweng ke lotho, mme le tla se amohela, e be lefa la lona ka meloko ya bontata lona.


Moshe a nea bana ba Iseraele taelo eo, a re: Ke yona naha eo le tla arolelana yona ka lotho, eo Jehova a laetseng hore e newe meloko e robileng mono o le mong le halofo ya moloko.


Eitse hobane o fedise ditjhaba tse supileng lefatsheng la Kanana, wa ba abela naha eo ka dilemo tse batlileng ho ba makgolo a mane a nang le mashome a mahlano.


lefa leo la meloko e robileng monwana o le mong le la mothapo o mong wa leloko le leng, la laolwa ka lotho, jwalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe.


Moo Silo, Joshua a ba laolela pela Jehova; mme Joshua a abela bana ba Iseraele naha ka dikarolo tsa bona.


Haele Balevi, ha ba na kabelo le lona, etswe boprista ba Jehova e le lefa la bona; Bagade le Barubene le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba se ba nkile mafa a bona mose wane wa Jordane nqa botjhabela, e leng ao Moshe, mohlanka wa Jehova, a ba neileng wona.


Ebile banna bao ba tloha, ba tsamaya. Joshua a laela ba yang ho lekanya naha, a re: Tlohang, le ye le naha, le e lekanye, le ntoo boela ho nna, ke tle ke le laolele mona Silo, pela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos