Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 18:6 - BIBELE

6 Naha ena le e arole ka dikarolo tse supileng, ebe le ntlisetsa seo le se ngotseng, mme ke tla le etsetsa lotho mona, kapele ho Morena Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Lona, lekanyang karolo tse supileng tsa naha, le ntoo tlisa ditaba mona ho nna, ke tle ke le laolele mona pela Jehova, Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 18:6
11 Referencias Cruzadas  

ha a re: “Ke tla o nea naha ya Kanana, e le lefa leo ke o abelang lona.”


Batho ba laola ditaba ka lotho, empa diqeto tsona ke tsa Morena.


Ha laola ka lotho ho fedisa diqabang, ho namole ba matla, ba lwantshanang.


Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona.


Moshe a laela bana ba Iseraele, a re: “Ena ke yona naha eo le tla e arolelana ka lotho, hore e be lefa la lona; eo Morena a laetseng hore e newe merabe e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase.


Ha a se a timeditse ditjhaba tse supileng naheng ya Kanana, a ba nea naha eo hore e be lefa la bona


Lefa leo la ajwa ka lotho, la abelwa merabe e robong le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona.


Balevi bona ha ba na lefa mona hara lona, hobane ho ba baprista ba Morena ke lona lefa la bona. Gade, le Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba fumane lefa la bona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, e leng lefa leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba nee lona.”


Banna bao ba ema, ba tsamaya. Joshua a laela bao ba yang ho lekola naha, a re: “Eyang, le lekole naha eo, le ngole dikarolo tsa yona, le nto kgutlela ho nna. Nna ke tla le laolela yona ka lotho mona Shilo, kapele ho Morena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos