Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 18:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ebile banna bao ba tloha, ba tsamaya. Joshua a laela ba yang ho lekanya naha, a re: Tlohang, le ye le naha, le e lekanye, le ntoo boela ho nna, ke tle ke le laolele mona Silo, pela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Banna bao ba ema, ba tsamaya. Joshua a laela bao ba yang ho lekola naha, a re: “Eyang, le lekole naha eo, le ngole dikarolo tsa yona, le nto kgutlela ho nna. Nna ke tla le laolela yona ka lotho mona Shilo, kapele ho Morena.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 18:8
13 Referencias Cruzadas  

Raoha, o itsamaele le lefatshe lena ka bolele ba lona le ka bophara ba lona, hobane ke tla o fa lona.


Hobane o rerile bakeng sa tsona; letsoho la hae le tla di arolela lefatshe, a le lekanye ka kgole; di tla le rua ka ho sa yeng kae, di phele teng kamehla le mehla.


A re ke re batleng ke hona ditaba tse hlahisang kgotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.


ke tla ba leleka pela bana ba Iseraele; feela, o nne o abe dinaha tseo ka ho di laola ka lotho, e be lefa la Baiseraele, jwalokaha ke o laetse. O abe naha eo, e be lefa la meloko e robileng mono o le mong hammoho le la mothapo o mong wa leloko la Manasse.


Naha e laoletsweng leloko la bana ba Juda, ka matlo a bona, ke ho ya moeding wa Edomo, lefeelleng la Tsine, nqa borwa; ke yona pheletso ya naha nqa borwa.


Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.


Moo Silo, Joshua a ba laolela pela Jehova; mme Joshua a abela bana ba Iseraele naha ka dikarolo tsa bona.


Lona, lekanyang karolo tse supileng tsa naha, le ntoo tlisa ditaba mona ho nna, ke tle ke le laolele mona pela Jehova, Modimo wa rona.


Ebile banna bao ba tloha, ba ya le naha, ba lekanya metse ya yona ho e etsa dikarolo tse supileng, ba e ngola bukeng, ba ntoo boela ho Joshua, diahelong tse Silo.


Saule a re ho Jehova: Oho Modimo wa Iseraele, hlahisa nnete. Jonathane le Saule ba tshwarwa, setjhaba sona sa tswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos