Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 18:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ntshang banna ba bararo lelokong le leng le le leng, ke tle ke ba rome, ba tlohe, ba ye le naha, ba e lekanye ho e etsa lefa, ba ntoo boela ho nna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Nkgetheleng banna ba bararo morabeng o mong le o mong. Ke tla ba roma, mme ba tla ya, ba lekole naha eo, ba bone hore na e ka arolwa jwang hore e be lefa la merabe eo, ebe jwale ba kgutlela ho nna.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 18:4
9 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, o tla hloka ya akgelang kgwele ya ho lekanya hodima sekoto sa naha, phuthehong ya Jehova.


mme le ikgethele monna lelokong le leng le le leng, eo e leng yena hlooho ya ntlo ya bontatae.


Roma banna hore ba ye ho hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Le rome monna ka leloko le leng le le leng la bontata bona, mme bohle e be dihlooho hara bona.


Ebile Joshua o re ho bana ba Iseraele; Le tla tswafa ho isa kae ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neileng lona?


Ba tla e arola dikarolo tse supileng. Bajuda bona ba tla dula naheng ya bona nqa borwa; ba ntlo ya Josefa le bona ba dule naheng ya bona nqa leboya.


Lona, lekanyang karolo tse supileng tsa naha, le ntoo tlisa ditaba mona ho nna, ke tle ke le laolele mona pela Jehova, Modimo wa rona.


Ebile banna bao ba tloha, ba ya le naha, ba lekanya metse ya yona ho e etsa dikarolo tse supileng, ba e ngola bukeng, ba ntoo boela ho Joshua, diahelong tse Silo.


Jwale ikgetheleng banna ba leshome le metso e mmedi melokong ya Baiseraele, monna a le mong lelokong le leng le le leng.


Ikgetheleng hara setjhaba banna ba leshome le metso e mmedi, monna a le mong lelokong le leng le le leng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos